Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, bolelele ba yona ya eba thupa e le nngwe, bophara e le thupa e le nngwe. Pakeng tsa dikamore tsa balebedi, ho no ho na le sebaka sa ditswe tse hlano. Mohato wa monyako o pela mathule a monyako, ho lebana le ntlo, o ne o le bophara ba thupa e le nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Kamore ka nngwe ya dikamore tsa balebedi e ne e etsa dimethara tse tharo ka bolelele, le tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a di arolang e ne e le dimethara tse pedi le halofo. Monyako o pela lethule le tobaneng le Tempele o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;


Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.


boima ba dipekere ya eba dishekele tse mashome a mahlano tsa kgauta. A maneha le dikamore tse kahodima ka kgauta.


Yaba Esekiase o laela hore ho lokiswe dikamore ka tlung ya Jehova, mme tsa lokiswa,


Fadimehang, le di boloke, ho fihlela mohla le tla lekanya boima ba tsona pontsheng ya dihlooho tsa baprista le Balevi, le dihloho tsa matlo a bontata Iseraele, hae Jerusalema, kamoreng tsa ntlo ya Jehova.


ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.


Haele dikamore tsa balebedi tsa monyako wa botjhabela, tse tharo di ne di le ka kwano, tse tharo tse ding di le ka kwana; tse tharo di ne di na le tekanyo e le nngwe, le ditshiya di ne li na le tekanyo e le nngwe, ka nqa e ka kwano le ka nqane.


a lekanya le dikamore tsa wona tsa balebedi, di le tharo ka kwano, hape di le tharo ka kwana, le ditshiya tsa wona le marako a wona. E ne e le tekanyo e le nngwe le ya monyako wa pele; bolelele ba wona e ne e le ditswe tse mashome a mahlano, bophara ba wona e le ditswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano;


a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiyo tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona a ne a na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Difensetere di le teng monyakong oo kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


A ntoo lekanya mathule a monyako, malebana le ntlo, ya eba bophara ba thupa e le nngwe.


Dikamore tse moleng o hodimo di ne di patisane, hobane dikgorwana di ne di ja sebaka se seholo sa moaho, ho ena le tsa mola o katlase le tsa o kahare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ