Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba ke bona lerako le potang ntlo kantle, mme letsohong la monna eo, ho ne ho na le thupa ya ho lekanya e ditswe tse tsheletseng, tswe se seng sa yona se ne se lekane le tswe se le seng sa tekanyo ya kgale se nang le seatla. A lekanya bophara ba lerako, e le thupa e le nngwe, le bophahamo ba lona, e le thupa e le nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Yaba ke bona lerako le potapotileng Tempele. Bolelele ba leqala le methang, leo monna eo a neng a le tshwere, bo ne bo etsa dimethara tse tharo. A metha lerako lena: Morumo wa lona o ne o etsa dimethara tse tharo, le bophahamo ba lona bo etsa dimethara tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:5
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dithaba di teela Jerusalema hare; Jehova o teela setjhaba sa hae hare jwalo, jwale le ka ho sa yeng kae.


Ka letsatsi leo, ho tla binwa sefela sena naheng ya Juda: Re na le motse o matla, Modimo o re nea thuso, e be lerako le tshirelo ho rona.


Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.


Mme ka bona hobane ntlo yohle e ne e eme phahameng; metheo ya dikamore tse mahlakoreng e ne e etsa thupa e tletseng, e le ditswe tse tsheletseng.


Eitse hobane a qete ho lekanya ditekanyo tsa ntlo e kahare, a nntsha ka monyako o lebileng ka nqa botjhabela, mme a lekanya lerako le potang kahohle.


A lekanya lerako ka nqa tse nne; e ne e le lerako le potang le bolelele bo tswe tse makgolo a mahlano, le bophara bo tswe tse makgolo a mahlano; lerako leo e le la ho arohanya sehalalelo le se sa halalelang.


Ke tsena tekanyo tsa ditswe tsa aletare: setswe sona ke setswe se nang le boahlamo ba seatla; sedulo sa yona se na le setswe se le seng, bophara ba sona bo le setswe se le seng; morumong wa sona, ho na le moqhaka wa bophara ba seatla, o se potolohang; ke sona sedulo sa aletare.


haele nna, ho bolela Jehova, ke tla ba ho wona lerako la mollo le o teetseng hare, ke be kganya ya wona hara wona.


[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]


O dikeditswe ke lerako le leholo le phahamileng; o kenwa ka menyako e leshome le metso e mmedi; mangeloi a leshome le metso e mmedi a eme menyakong ya wona; mme mabitso a ngodilwe hodima yona, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ