Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 haele kamore e tadimileng nqa leboya ke ya baprista ba lebelang dintho tsa aletare. Ke bara ba Tsadoke, e leng bao hara bara ba Levi ba atamelang Jehova ho etsa tshebeletso ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

46 athe kamore e shebileng leboya yona ke ya baprista ba sebeletsang aletareng. Bona ke Balevi, ditloholo tsa Sadoke, bao e leng bona feela ba ka atamelang pela Morena ho mo sebeletsa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:46
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a bea Benaia, mora Jehojada, molaodi wa makgotla tulong tsa hae; morena a bea le moprista Tsadoke tulong tsa Abiathare.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Kamore e ne e le teng eo ho neng ho kenwa ho yona dipakeng tsa ditshiya tsa menyako; ke hona moo ho neng ho hlatsuwa ditjheso.


Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.


O tla nea baprista ba Balevi, bao e leng ba lesika la Tsadoke, ba atamelang pela ka, pohwana ho e etsa sehlabelo sa sebe: ho rialo Jehova.


Haele baprista ba Balevi, bara ba Tsadoke, ba bolokileng tseo ke di beileng sehalalelong sa ka, ha bana ba Iseraele ba ne ba nkgelohile, bona ba tla atamela pela ka ho etsa tshebeletso ya ka, ba eme pela sefahleho sa ka ho bea mafura le madi pela ka: ho bolela Morena Jehova.


Ke yona karolo ya naha e tla kgethwa; e tla ba ya baprista ba tla sebetsa mosebetsi wa sehalalelo, ba atamelang ho etsa tshebeletso ya Jehova; e tla ba setsha sa matlo a bona le nqalo e kgethehileng ya ho haha sehalalelo.


Karolo eo e halalelang e tla ba ya baprista, bara ba Tsadoke, ba nnileng ba boloka seo ke neng ke se beile ho bona, ba sa kang ba kgeloha, mohla bana ba Iseraele ba kgelohang, le mohla Balevi le bona ba kgelohang.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Ekare ha e mong a etsa sebe, mme a etsa ho sa lokang pela Jehova, ka ho thetsa wa habo ka ntho e beilweng ho yena, leha e le ka ntho e beilweng polokong ya hae, leha e le ka ntho e utswitsweng, leha e le ka ntho e nkilweng ka mano,


O tla tlisetsa Jehova sehlabelo sa hae sa molato, e leng pheleu e sa neng sekodi e kgethilweng mohlapeng, ka tekanyetso ya hao e le sehlabelo sa molato se tlisetswang moprista.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.


Le boloke sehalalelo le aletare, hore ho se ke ha hlola ho eba bohale bo tukelang bana ba Iseraele.


Empa jwale, ha le le ho Jesu Kreste, lona bao le neng le le hole kgale, le atameditswe ke madi a Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ