Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:44 - Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Kantle ho monyako o kahare, ho ne ho na le dikamore tsa dibini, lebaleng le kahare; e nngwe e ne e le kathoko ho monyako wa leboya, e tadimile nqa borwa; e nngwe e le kathoko ho monyako wa botjhabela, e tadimile nqa leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

44 Lebaleng le kahare, ho ne ho ena le dikamore tse pedi tsa dibini. E nngwe e ne e le pela kgoro e ka leboya, monyako wa yona o shebile borwa; e nngwe e le pela kgoro e ka borwa, monyako wa yona o shebile leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:44
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele dikamore tsa balebedi tsa monyako wa botjhabela, tse tharo di ne di le ka kwano, tse tharo tse ding di le ka kwana; tse tharo di ne di na le tekanyo e le nngwe, le ditshiya di ne li na le tekanyo e le nngwe, ka nqa e ka kwano le ka nqane.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Lebala le kahare le lona le ne le na le monyako, mabapa le monyako wa leboya le wa botjhabela; yaba o lekanya sebaka se tlohang monyakong o mong ho isa monyakong o mong, se le ditswe tse lekgolo.


Hape, monyako o mong o ne o le teng lebaleng le kahare ka nqa borwa. A lekanya sebaka ho tloha monyakong o mong ho isa monyakong o mong, ka nqa borwa, se le ditswe tse lekgolo.


a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Kamore e ne e le teng eo ho neng ho kenwa ho yona dipakeng tsa ditshiya tsa menyako; ke hona moo ho neng ho hlatsuwa ditjheso.


Haele mautlana, a leng bolelele ba boahlamo ba seatla, a ne a kgokgothetswe leboteng kahohle, ka nqa tsohle; ditafoleng ho ne ho bewa dinama tsa mahlabelo.


Kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, bolelele ba yona ya eba thupa e le nngwe, bophara e le thupa e le nngwe. Pakeng tsa dikamore tsa balebedi, ho no ho na le sebaka sa ditswe tse hlano. Mohato wa monyako o pela mathule a monyako, ho lebana le ntlo, o ne o le bophara ba thupa e le nngwe.


Buisanang ka dipesalema, le ka difela, le ka dipina tsa moya, mme le binele Morena, le mo dudueletse ka dipelong tsa lona.


Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ