Ezekiele 40:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)39 Hape, mathuleng a monyako, ho ne ho na le tafole tse pedi ka kwano, le tafole tse pedi ka kwana, ho hlabela ho tsona ditjheso le mahlabelo a sebe le a melato. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE39 Kahare ho lethule la kgoro ho ne ho ena le ditafole tse pedi ka lehlakoreng lena, le ditafole tse pedi ka lehlakoreng lane, e le moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso teng, tsa nyehelo ya sebe, le tsa nyehelo ya tefelo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.
Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.