Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Mathule a wona a ne a lebile ka nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona ka nqa tse pedi, mme ho no ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle, ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e le robedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:34
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.


a lekanya le difensetere tsa wona, le mathule a wona, le dipalema tsa wona, ho ya ka tekanyo ya monyako o lebileng ka nqa botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa teng ka methatinyana e supileng, eo pela yona ho neng ho na le mathule a wona.


Ho ne ho nyolohelwa teng ka methatinyana e supileng; pela yona ho ne ho le mathule a monyako, mme o ne o na le dipalema tsa wona ka nqa tse pedi ho ditshiya tsa wona.


Mathule a wona a ne a lebile ka nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona, mme ho ne ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.


Ditshiya tsa wona di lebile nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona ka nqa tse pedi, mme ho ne ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.


bolelele ba mathule ya eba tswe tse mashome a mabedi, le bophara ya eba tswe tse leshome le metso e mmedi; ho ne ho nyolohelwa teng ka methati e leshome; ho na le ditshiya teng pela ditshiya tse ding, e nngwe ka kwano, e nngwe ka kwana.


Yaba o tla monyako o lebileng ka nqa Botjhabela, a nyoloha ka methatinyana ya wona, a lekanya mohato wa monyako, ya eba thupa e le nngwe ka bophara; mohato wa bobedi le wona ya eba thupa e le nngwe ka bophara.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ