Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ho ne ho le mathule kahohle, ka nqa tsohle; bolelele ba wona bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bo le tswe tse hlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Mathule a dikgoro, ho potoloha lebala le kahare, a ne a etsa bolelele ba dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dimethara tse pedi le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:30
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.


a lekanya le dikamore tsa wona tsa balebedi, di le tharo ka kwano, hape di le tharo ka kwana, le ditshiya tsa wona le marako a wona. E ne e le tekanyo e le nngwe le ya monyako wa pele; bolelele ba wona e ne e le ditswe tse mashome a mahlano, bophara ba wona e le ditswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano;


Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle, jwaloka difensetere tse ding. Bolelele ba monyako e ne e le tswe tse mashome a mahlano, bophara e le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiyo tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona a ne a na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Difensetere di le teng monyakong oo kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ