Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:29
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha eba le mathathamo a mararo a difensetere tse hlahelang kantle, tse tadimaneng ka boraro.


Yaba Esekiase o laela hore ho lokiswe dikamore ka tlung ya Jehova, mme tsa lokiswa,


o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista.


Ka ntoo laela hore dikamore di hlwekiswe, mme ka busetsa teng mesebetsi ya ntlo ya Modimo le dinyehelo le dibano.


Baruke a bala mantswe a Jeremia lengolong, ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya Gemaria, mora Shafane, mongodi, lebaleng le kahodimo, lepatlelong la monyako o motjha wa ntlo ya Jehova, ditsebeng tsa setjhaba kaofela.


Haele dikamore tsa balebedi tsa monyako wa botjhabela, tse tharo di ne di le ka kwano, tse tharo tse ding di le ka kwana; tse tharo di ne di na le tekanyo e le nngwe, le ditshiya di ne li na le tekanyo e le nngwe, ka nqa e ka kwano le ka nqane.


Pela dikamore tsa balebedi ho na le motero, e le wa tswe se le seng ka nqane, hape e le wa tswe se le seng ka kwano; haele kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, e ne e na le ditswe tse tsheletseng ka kwano, hape e na le tswe tse tsheletseng ka kwana.


Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.


Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle, jwaloka difensetere tse ding. Bolelele ba monyako e ne e le tswe tse mashome a mahlano, bophara e le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiyo tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona a ne a na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Difensetere di le teng monyakong oo kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, bolelele ba yona ya eba thupa e le nngwe, bophara e le thupa e le nngwe. Pakeng tsa dikamore tsa balebedi, ho no ho na le sebaka sa ditswe tse hlano. Mohato wa monyako o pela mathule a monyako, ho lebana le ntlo, o ne o le bophara ba thupa e le nngwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ