Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:16
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo betlela maboteng wohle a ntlo ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dipalesa tse thuntseng, ho qala kahare, ho isa kantle.


Mamati a mabedi a etswa ka mohlwaare; teng a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dipalesa tse thuntseng, a di maneha ka kgauta; a maneha le dikerubime le dipalema ka kgauta.


A betla teng dikerubime, le dipalema, le dipalesa tse thuntseng, a di kwahela ka kgauta e manehilweng hodima ditshwantsho.


A etsetsa ntlo difensetere tse haheleditsweng ka dithupa.


Ha eba le mathathamo a mararo a difensetere tse hlahelang kantle, tse tadimaneng ka boraro.


A ntoo kwahela ntlo e kgolo ka difate tsa dikiprese, a e maneha ka kgauta e hlwekileng, a e kgabisa ka dipalema le meqhaka.


Ba lokileng ba mela jwaloka sefate sa palema, ba hola jwaloka kedare ya Lebanone.


Pela dikamore tsa balebedi ho na le motero, e le wa tswe se le seng ka nqane, hape e le wa tswe se le seng ka kwano; haele kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, e ne e na le ditswe tse tsheletseng ka kwano, hape e na le tswe tse tsheletseng ka kwana.


Ho tloha monyakong wa pele, ho isa pela mathule a monyako o kahare, ho ne ho ena le sebaka sa ditswe tse mashome a mahlano.


Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle, jwaloka difensetere tse ding. Bolelele ba monyako e ne e le tswe tse mashome a mahlano, bophara e le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Ho ne ho nyolohelwa teng ka methatinyana e supileng; pela yona ho ne ho le mathule a monyako, mme o ne o na le dipalema tsa wona ka nqa tse pedi ho ditshiya tsa wona.


a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Ho ne ho le mathule kahohle, ka nqa tsohle; bolelele ba wona bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bo le tswe tse hlano.


Mathule a wona a ne a lebile ka nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona, mme ho ne ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.


a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiyo tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona a ne a na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Mathule a wona a ne a lebile ka nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona ka nqa tse pedi, mme ho no ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.


Difensetere di le teng monyakong oo kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Ditshiya tsa wona di lebile nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona ka nqa tse pedi, mme ho ne ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.


Kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, bolelele ba yona ya eba thupa e le nngwe, bophara e le thupa e le nngwe. Pakeng tsa dikamore tsa balebedi, ho no ho na le sebaka sa ditswe tse hlano. Mohato wa monyako o pela mathule a monyako, ho lebana le ntlo, o ne o le bophara ba thupa e le nngwe.


Mme ho ne ho entswe dikerubime le dipalema; palema e le teng mahareng a dikerubime tse pedi; kerubime e ne e na le difahleho tse pedi;


Mamating ao a tempele, ho ne ho entswe dikerubime le dipalema, jwalokaha di ne di entswe maboteng; mme marulelonyana a difate a ne a le kantle pela mathule.


Hape mahlakoreng a mathule, le dikamoreng tse mahlakoreng a ntlo, ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, tse nang le marulelonyana, le dipalema ka kwano le ka kwana.


A kena kahare, a lekanya tshiya ya monyako, e le ditswe tse pedi; le monyako, e le tswe tse tsheletseng; le bophara ba monyako, bo le ditswe tse supileng.


Mabapa le ditswe tse mashome a mabedi tsa lebala le kahare, le mabapa le mokato wa lebala le kantle, dikgorwana di ne di bapile le dikgorwana, dikamoreng tsa mela e meraro.


Letsha le teetsweng hare ke mekgoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema, monyakong wa Dinku, le bitswang Bethesda ka Seheberu.


Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.


Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ya ka tsebang ho ba bala, ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone le pela Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu, ba tshwere dipalema matsohong a bona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ