Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka letsatsi la leshome la kgwedi, qalong ya selemo sa mashome a mabedi a metso e mehlano re le bothopuweng, e le selemo sa leshome le metso e mene motse wa Jerusalema o ripitlilwe, ka lona letsatsi leo matla a tswang ho Morena a ntsukutla, a nkukela hona Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bolellang phutheho yohle ya Iseraele, le re: Ka tsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, kapa potsanyane, ka matlo a bontata bona, ntlo le ntlo e be le konyana.


Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.


Ka tsatsi la ho qala la kgwedi ya pele, o tle o hlome tabernakele ya tente ya pokano.


Yaba moya o a nkuka, wa nkgutlisetsa Kalde ho ba isitsweng teng kgolehong, ka pono ya mohlolo, ka moya wa Modimo. Mme pono ya mohlolo eo ke neng ke e bone, ya tloha ho nna, ya nyolohela hodimo.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya pele, ka la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.


Ke sa le hona teng, letsoho la Jehova la dula ho nna, mme a re ho nna: Ema, o ye nahathothe; teng ke tla bua le wena.


Eitse ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Eitse ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka la leshome le metso e mehlano la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi, mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.


Letsoho la Jehova la eba teng ho nna, mme Jehova a ntlosa ka moya, a mpea hara thota, mme e ne e tletse masapo.


Ka selemo sa botshelela, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ka re ke sa dutse tlung ya ka, le baholo ba Juda ba dutse pela ka, letsoho la Morena, e leng la Jehova, la nkwela hodimo hona teng.


Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ