Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O ntoo nka lekapa la tshepe, o le etse lerako la tshepe mahareng a hao le motse, o o lebisetse sefahleho sa hao, hore o tle o thibellwe, mme o o thibelle. Hoo e tla ba pontsho ho ntlo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 O nke lekgwakgwa la tshepe, o le hlome pakeng tsa hao le motse, o shebe ka ho lona. Etlaba o o etseditse thibella, ebe wena o o thibeletse. Hona e tla ba pontsho ho ba ntlo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 4:3
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o re: jwalokaha mohlanka wa ka, Esaia, a tsamaile ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala dieta, ho ba pontsho le setshwantsho ho Egepeta le ho Ethiopia,


Dikgutlo tsa hao, Jerusalema, tse fetisang ka botle, di tletse makoloi, ba kallang dipere ba laletse menyakong ya hao.


Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Tsedekia, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome, Nebukadresare, morena wa Babilona, a tla le makgotla a hae kaofela ho lwantsha Jerusalema, mme ba o thibella.


Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa.


Ere: Ke nna setshwantsho sa lona. Ba tla etsetswa jwalokaha ke entse; ba tla falla, ba ye kgolehong.


O tla inkela yona lehetleng pela mahlo a bona, o e ntshetse ntle ka shwalane; o ikgurumetse sefahleho, o tle o se ke wa bona lefatshe; hobane ke o beetse ntlo ya Iseraele ka mokgwa wa setshwantsho.


O tle o tjhese boraro ba wona mollong, hara motse, ha ho se ho phethehile ditshiu tsa thibello; o boele o nke boraro ba wona, o bo hlabe ka lerumo, o ntse o pota motse; boraro bo bong ba wona o bo akgele moyeng, ke tle ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


O tla phehella ho futuha ka matla wohle a mmuso wa hae, mme o tla etsa selekane le morena wa Borwa, a tle a timetse mmuso wa hae; o tla mo nea moradi wa hae ho ba mosadi wa hae, a tle a mo timetse; empa taba eo e ke ke ya etsahala, e ke ke ya mo thusa letho.


Ha nyehelo ya hao e le ya tse apehwang paneng, a e ke e be ya lefi la phofo e sa lomoswang, e dubilweng ka ole.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


ha Modimo o ntse o omela hammoho le bona ka dipontsho, le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, kamoo o ratang kateng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ