Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 o be o o thibelle, o o hahele lerako le o teelang hare, o o etsetse sefika, o o hlomele diahelo, o be o bee dipheleu, o o teele hare ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Motse ona o o etsetse thibella, o hahe marako ho o potapota, o hahe ditora, o hlome diahelo tsa ntwa, mme o bee ditshetlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 4:2
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, ba Joabe ba fihla, ba thibella Sheba Abele-Bethe-Maaka; ba emisa tutudu e potang motse, e sikang le lerako, mme banna bohle ba leng ho Joabe ba phunya lerako ba tle ba le heletse.


Dikgutlo tsa hao, Jerusalema, tse fetisang ka botle, di tletse makoloi, ba kallang dipere ba laletse menyakong ya hao.


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa matlo a motse le bakeng sa matlo a marena a Juda, a tlang ho qhaqhwa ka ditutudu le ka dibetsa:


Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.


Hobane Jehova wa makgotla o re: Remang difate, le tsosetse Jerusalema tutudu; ke oo motse o tshwanetseng ho kgalemelwa; kahare ho wona ho tletse botubo.


Bonang, se nohang se letsohong la hae le letona: Ke Jerusalema! Ho tla bewa dipheleu, ho etswe mehoo polaong, ho hlajwe mokgosi, ho bewe dipheleu ho bolaya mamati a menyako, ho hahuwe ditutudu, ho hahuwe lerako le potang.


Ke tla mo heletsa, ke mo heletse, ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ya hae, eo ke mo neileng yona.


O tle o tjhese boraro ba wona mollong, hara motse, ha ho se ho phethehile ditshiu tsa thibello; o boele o nke boraro ba wona, o bo hlabe ka lerumo, o ntse o pota motse; boraro bo bong ba wona o bo akgele moyeng, ke tle ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Mme morena wa Leboya o tla tla, a hahe marako a phahamileng, a ikgapele motse o qhobosheane, mme makgotla a Borwa a ke ke a ema, le mokgetho wa wona o ke ke wa eba le matla a ho tiya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ