Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 hobane ba tla hloka bohobe le metsi. Ba tla dula ba se na ho tshediseha, ba be ba fele bokgopong ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Dijo le metsi di tla fokotseha, motho a tshohe ha a bona motho e mong, hobane e tla be e se e le bo-masatswane feela, ka baka la bokgopo ba bona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 4:17
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.


Ho thwe ke Jehova: Ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng e badilweng pela morena wa Juda.


Le tla dula, le rwetse meqhaka ya lona dihloohong, le rwetse dieta tsa lona maotong, le ke ke la lla, leha e le ho bokolla, le mpa le tla hopola makgopo a lona, le bobole maloka le banababo lona.


Oho mora motho, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Le bolela, le re: Kannete maikgantsho a rona le dibe tsa rona di ho rona, re timela ka baka la tsona; re ka phela ha re etsa jwang na?


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


Haele ba tlang ho pholoha ho lona, ba tla monyella naheng ya bao e leng dira ho lona ka baka la makgopo a bona; ba tla monyela le ka baka la makgopo a bontata bona.


ba metse e mmedi, e meraro, ba ya ba ntse ba thekesela motseng o mong ho ya nwa metsi, empa ba se ke ba kgolwa; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna ho bolela Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ