Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 4:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A ba a re ho nna: Mora motho, bona, ke se ke tla roba kotlo ya bohobe Jerusalema; ba tla ja bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola; le wona metsi ba a nwe a lekantswe, ba a nwe ka makalo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 A boela a re ho nna: “Bona mona, wena ngwana motho, ke tla fokotsa dijo Jerusalema. Batho ba tla ja ka tekanyo le ka tlhokomelo; le metsi ba a nwe ka tekanyo, ba tsielehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 4:16
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka la boroba mono o le mong la kgwedi ya bone, tlala e ne e le kgolo motseng, ho se ho se bohobe bo saletseng setjhaba sa teng.


Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.


Yaba o biletsa naha eo tlala, a honyetsa kotlo yohle ya bohobe.


O rutile setjhaba sa hao ka dikotlo tse thata, o re nositse veine ya ho diadielwa.


Hobane, bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o ya tlosa Jerusalema le Juda matla le kotlo yohle, kotlo yohle ya bohobe, le kotlo yohle ya metsi;


Ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong, tlala e be e le kgolo motseng; ho ne ho se bohobe ho setjhaba sa lefatshe.


Batho ba hae kaofela ba fehelwa, ba batla bohobe; ba neile ntho tsa bona tsa bohlokwa ho bona dijo tse ka tsosang bophelo ba bona. Bona, Jehova, o lemohe, hobane ke fetohile ya nyediswang.


Re nwa metsi a rona ka tjhelete, patsi ya rona re e bona ka theko.


Re bokella bohobe ba rona ka ho ipeela lefung pela lerumo la lefeella.


Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,


Yaba o re ho nna: Bona, ke o neile boloko ba kgomo bakeng sa masepa a motho; o tle o bese bohobe ba hao ka jona.


Ke mohla ke tla ba romela metsu e mebe ya tlala e timetsang, eo ke tla e romela ho le timetsa ka yona; le mohla ke tla le bokellela tlala, ke robe le kotlo ya bohobe,


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


ba metse e mmedi, e meraro, ba ya ba ntse ba thekesela motseng o mong ho ya nwa metsi, empa ba se ke ba kgolwa; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna ho bolela Jehova.


Yare hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo. Yaba ke a tadima, ka bona pere e ntsho, mme ya e kaletseng a tshwere sekala letsohong la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ