Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 4:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O etse jwalo le ka kgomo ya hao le ka nku ya hao; di tla dula le bomma tsona tshiu tse supileng; ka la boroba meno e le mmedi, o tla nnea tsona.


Ho nna le tla ba batho ba kgethehileng, mme le se ke la ja nama e harotsweng naheng; le tle le e akgele dintja.


ba dulang mabitleng, mme ba hlola bosiu mahaheng, ba jang nama ya dikolobe; ba tlatsang mekeke ya bona ka dijo tse manyala;


Haele ba ba ikgethelang medimo, ba itlhatswang lirapeng, e mong kamora e mong, ba jang nama ya kolobe, le dijo tse manyala, le ditweba, ba tla timela hammoho, ho bolela Jehova.


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova! Ba mpolella ka ho re: Eo o ntsa bua ka dipapiso!


Yaba o re ho nna: Bona, ke o neile boloko ba kgomo bakeng sa masepa a motho; o tle o bese bohobe ba hao ka jona.


Baprista ba se ke ba eja nama ya ntho tse shweleng, leha e le ya ntho tse harotsweng tsa dinonyana, kapa tsa diphoofolo.


Ba re ba sa hlabaka, nna ke sa ntsane ke setse, ka itiha fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Morena Jehova, na o tla timeletsa masala wohle a Iseraele, haele moo o tshollela Jerusalema kgalefo ya hao?


Jwale, Daniele a rera pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nowang ke yena, mme a kopa ho hlooho ya matona hore a leswe hore a se ke a itshela ditshila.


Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.


Ha se ka jewa ka letsatsi la boraro, e tla ba ntho e sebodu, le sehlabelo se ke keng sa dumeleha.


A se ke a ja ntho e shweleng, kapa e harotsweng, a tle a se ke a ba sesila. Ke nna Jehova.


Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.


Le se ke la ja nama ya tse itjhweletseng; o mpe o e nee moditjhaba ya menyakong ya hao, a e je; mohlomong o reke ho moditjhaba ka yona; hobane wena o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao. O se ke wa hladiya potsanyane lebeseng la mma yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ