Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 39:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba ahileng metseng ya Iseraele ba tla tswa, ba bese mollo, ba tle ba tjhese dibetsa, le dithebe, le dithejana, le diqha, le metsu, le marumo, le dikwebe; ba tla di besa ka dilemo tse supileng. Ha ba sa tla rwalla patsi naheng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “ ‘Baahi ba metse ya Iseraele ba tla tswa, ba bese mollo ka dibetsa tsa bona: dithebe le dithejana, diqha le metsu, dikoto le marumo. Ba tla qeta dilemo tse supileng ba ntse ba besa mollo ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 39:9
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.


Mme ha ba tla tswela ntle, ba tla bona ditopo tsa batho ba ikgantsheditseng nna; hobane seboko sa bona se ke ke sa eshwa, mollo wa bona o ke ke wa tima, mme e tla ba ntho e tshabehang ho nama yohle.


ha ba sa tla ya rema merung, ba mpa ba tla besa dibetsa; ba tla hlobodisa ba ba hlobidisitseng, ba tlatlape ba ba tlatlapileng: ho bolela Morena Jehova.


Bonang, taba eo e se e ya tla, le ho etsahala: ho bolela Morena Jehova. Ke lona letsatsi leo ke le boletseng.


Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Mahlo a lona a tla ho bona, mme le tla re: Jehova o moholo hodima naha ya Iseraele?


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ