Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 39:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke tla tumisa lebitso la ka le kgethehileng hara setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla dumela hore ho hlomphollwe lebitso la ka le kgethehileng; mme ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova Mohalaledi wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 “ ‘Ke tla etsa hore lebitso la ka le halalelang le tsejwe hara setjhaba sa ka sa Iseraele. Ha nka ke ka hlola ke dumela hore lebitso la ka le halalelang le silafatswe, mme baditjhaba ba tla tseba hore nna ke Morena ya halalelang wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 39:7
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Boka Jehova, moya wa ka; tsohle tse ka ho nna a di ke di boke lebitso la hae le kgethehileng!


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.


O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.


Ho itswe ke Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, Mmopi wa hae: Na ke tla botswa tse tlang ho tla? Na ke tla laelwa bakeng sa bana ba ka, le bakeng sa mosebetsi wa matsoho a ka na?


Ke tla etsa hore ba o hlorisitseng ba je nama ya mmele ya bona, ba tahwe ke madi a bona, jwaloka hoja ba tahilwe ke veine e ntjha; mme nama yohle e tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki wa hao, le hobane nna Molopolli wa hao ke mohale wa Jakobo.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


Etswe dihlekehleke di lebeletse nna, mme dikepe tsa Tarshishe di le sehloohong ho tlisa bana ba hao ba neng ba le hole, le kgauta, le silefera tsa bona, ho tlotlisa lebitso la Jehova, Modimo wa hao, le la Mohalaledi wa Iseraele, hobane o o apesitse ka kganya.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Le hona ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, le sentsweng hara ditjhaba tseo le le sentseng hara tsona, hore ditjhaba di tle di tsebe hoba ke nna Jehova, mohla nna, ke leng Morena Jehova, ke ikgalaletsang ka lona pela mahlo a tsona.


Kahoo, ditjhaba tse setseng, tse le kopileng ka nqa tsohle, di tla tseba hoba ke nna Jehova ke tsositseng metse e heleditsweng, ke boetseng ke lemile lefeella. Ke nna Jehova ke bolelang seo, ke se etsang.


o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.


Mme ke tla itlotlisa, ke be ke ikgalaletse, ke itsebahatse mahlong a ditjhaba tse ngata; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ho qala tsatsing leo le ho isa pele, ba ntlo ya Iseraele ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.


Bonang, taba eo e se e ya tla, le ho etsahala: ho bolela Morena Jehova. Ke lona letsatsi leo ke le boletseng.


O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ