Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 39:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O tla wela dithabeng tsa Iseraele, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse leng ho wena. Ke tla o neela manong le tsohle tse fofang le diphoofolo tsa naha, ho ba dijo tsa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Wena Gogo le mabotho a hao, le ditjhaba tse emeng le wena, le tla bolaelwa hodima dithaba tsa Iseraele, ditopo tsa lona di jewe ke dinonyana tse jang dififi, le ke dibatana tsa naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 39:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova wa makgotla o hlapantse, a re: Ruri, seo ke se hopotseng, se tla etsahala; le seo ke se rerileng, se tla hlaha.


Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.


Ke tla bea dikotsi tse mefuta e mene ho bona, ho bolela Jehova; e tla ba lerumo ho bolaya, le dintja ho harola, le manong a lehodimo, le dibatana tsa lefatshe ho ja le ho senya.


Tsatsing leo, ba hlabilweng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, ba sa llelwe, ba sa phuthelwe, ba sa epelwe; e tla ba moitedi hodima lefatshe.


Ke tla o lahlela lefeelleng, wena le dihlapi tsohle tsa dinoka tsa hao; o tla wela masimong; ha o ka ke wa phuthwa, leha e le ho bokellwa, mme ke tla o neela dibatana tsa naha le dinonyana tsa lehodimo, ho ba dijo tsa tsona.


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke a phela! ba dithakong ba tla dihuwa ke lerumo; ba naheng ke tla ba nea dibatana, e be dijo tsa tsona; ba diqhobong le mahaheng ba tla shwa ke lefu la sewa.


Ke tla tlatsa thaba tsa hae ka babolauwa ba hae. Maralleng a hao, le dikgutlong tsa hao, le melapong yohle ya hao, ho tla wela ba bolailweng ka lerumo.


Ke tla mmiletsa lerumo thabeng tsohle tsa ka, ho bolela Morena Jehova; lerumo la e mong le tla hlaba ngwanabo.


O tla wela naheng; efela ke nna ke boletseng: ho rialo Morena Jehova.


Mokalli o a nehela, ... sabole e a bekenya, lerumo le a phatsima, ... ba hlabilweng ba bangata, ... ke diqubuqubu tsa ba bolailweng, ha ho moo ditopo di fellang; ... ba kgoptjwa ke ditopo tse shweleng!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ