Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 39:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona, ke na beng ke ba isitse ditjhabeng kgolehong, ke boelang ke ba bokellela naheng ya bona, mme mane nke ke ka siya le a mong wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Ke moo ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona, ya ileng a ba isa bothopuweng, hara baditjhaba, a ba a ba kgutlisetsa naheng ya habo bona, ho se le ya mong ya setseng moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 39:28
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o tsosa Jerusalema, o bokella balelekwa ba Iseraele.


Empa mehleng eo, Jehova o tla hlohlora ditholwana ho qala ka noka ya Eufrate ho isa molapong wa Egepeta; mme, lona, bana ba Iseraele, le tla tholwa e mong le e mong wa lona.


Mme ba tla tseba hoba nna Jehova, Modimo wa bona, ke na le bona, le hoba bona, e leng ho re setjhaba sa Iseraele, ke setjhaba sa ka: ho rialo Morena Jehova.


mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.


Kamora matsatsi a mangata o tla memuwa; dilemong tsa ho qetella, o tla tla lefatsheng le amohilweng lerumo, setjhabeng se phuthilweng ditjhabeng tse ngata, se ahileng dithabeng tsa Iseraele tse neng di fetohile lefeella ka dilemo tse ngata; ke setjhaba se ntshitsweng ditjhabeng; kaofela ha sona se ahile se iketlile.


Ho qala tsatsing leo le ho isa pele, ba ntlo ya Iseraele ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


e le mohla ke ba kgutlisang ditjhabeng, ke ba phuthang dinaheng tsa dira tsa bona, ke ikgalaletsang ka bona pontsheng ya ditjhaba tse ngata.


Mme ha ke sa tla boela ke ba patele sefahleho sa ka, kahobane etlaba ke tsholletse moya wa ka tlung ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


ke o nyale le ho tshepeheng, mme o tla tseba Jehova.


Hobane bonang, ke a laela, mme ke tla hlokola ntlo ya Iseraele hara ditjhaba tsohle, jwalokaha ho hlokolwa koro ka sefe, ho se hlaku le e nngwe e welang fatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ