Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 39:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 e le mohla ke ba kgutlisang ditjhabeng, ke ba phuthang dinaheng tsa dira tsa bona, ke ikgalaletsang ka bona pontsheng ya ditjhaba tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ha ke se ke ba kgutlisitse ditjhabeng, ke ba ntshitse dinaheng tsa dira tsa bona, ke tla ikgalaletsa ka bona moo ditjhaba tse ngata di ntseng di bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 39:27
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme Jehova wa makgotla o tla ikgodisa ka dikahlolo, Modimo o halalelang o ikgalaletse ka ho loka.


Ke tla kgahlwa ke lona jwaloka hoja le le dibano tse monko o monate, ha ke se ke le ntshitse ditjhabeng, mme ke tla le phutha dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, ke tle ke kgethehe ka lona pela ditjhaba;


mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.


o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.


Mme ke tla itlotlisa, ke be ke ikgalaletse, ke itsebahatse mahlong a ditjhaba tse ngata; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Kamora matsatsi a mangata o tla memuwa; dilemong tsa ho qetella, o tla tla lefatsheng le amohilweng lerumo, setjhabeng se phuthilweng ditjhabeng tse ngata, se ahileng dithabeng tsa Iseraele tse neng di fetohile lefeella ka dilemo tse ngata; ke setjhaba se ntshitsweng ditjhabeng; kaofela ha sona se ahile se iketlile.


setjhaba sohle sa lefatshe se tla epela, mme hoo e tla ba botumo ho bona tsatsing leo ke tla itlotlisa ka lona: ho bolela Morena Jehova.


Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.


Ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona, ke na beng ke ba isitse ditjhabeng kgolehong, ke boelang ke ba bokellela naheng ya bona, mme mane nke ke ka siya le a mong wa bona.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ