Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 39:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 ha ba sa tla ya rema merung, ba mpa ba tla besa dibetsa; ba tla hlobodisa ba ba hlobidisitseng, ba tlatlape ba ba tlatlapileng: ho bolela Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Kahoo ba ke ke ba hlola ba rwalla patsi naheng, kapa ba rema difate merung, hobane ba tla besa mollo ka dibetsa tsa bona. Ba tla tlatlapa ba ileng ba ba tlatlapa, ba hape tsa ba ileng ba hapa tsa bona, ho rialo Morena Modimo.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 39:10
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a etsa hore setjhaba se bone mohau mahlong a Baegepeta hore ba ba nee, mme ba hlobodisa Baegepeta.


Empa mosadi e mong le e mong o tla kopa ho ya ahisaneng le yena, le ho eo ya ahileng le yena, mesebatsi ya silefera, le mesebetsi ya kgauta, le diaparo, le tle le apese bara ba lona le baradi ba lona ka tsona; le tla hlobodisa Baegepeta jwalo.


Ditjhaba di tla ba nka, di ba ise lefatsheng la bona; ntlo ya Iseraele e tla di rua naheng ya Jehova, e be bahlanka le makgabunyane a yona; ba tla etsa bafo ka bao ba neng ba entswe bafo ke bona, ba buse bao ba neng ba ba hlorisa.


Ho madimabe wena, mosenyi, ya esong ho senngwe, wena, mohapi ya esong ho hapjwe! Etlare ha o se o qetile ho senya, o tla senngwa; ha o qetile ho hapa, o tla hapjwa.


Tsatsing leo, ke tla nea Gogo setsha sa mabitla Iseraeleng, kgohlong ya baeti, ka nqa botjhabela ho lewatle, mme se tla thiba tsela ya baeti. Ke hona moo ho tla epelwa Gogo le bongata bohle ba hae, lebitso la teng le tla rewa Kgohlo ya bongata ba Gogo.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Kahobane o lobetse ditjhaba tse ngata, masala wohle a ditjhaba a tla o lobela, ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse, le bohle ba ahileng ho wona.


Hleka bohale ba hao bo tuketse dinoka, Jehova? hleka bo tuketse dinoka? a o halefetse lewatle, ha o tsamaya ka pere tsa hao le makoloi a hao a poloko?


Le yena Juda o tla lwana le Jerusalema; mme ho tla bokellwa menono ya ditjhaba tsohle tse kamathoko, kgauta le silefera le diaparo ka bongata bo boholoholo.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Ya isang ba bang kgolehong, o tla ya kgolehong le yena; mme ekare ha motho a bolaya ka lerumo, e ka kgona le yena a bolawe ka lerumo. Ke moo ho tla bonahala mamello le tumelo ya bahalaledi.


Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ