Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Wena le mabotho wohle a hao le ditjhaba tse ngata tse emeng le wena, le tla nyoloha jwaloka sefefo, le be jwaloka leru le kwahelang naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:9
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane o bile setshabelo sa ya fokotseng, le qhobosheane ya ya madimabe matswalong a hae, le tshirelo mohla sefefo, le leswiti ha ho tjhesa letsatsi; hobane moya wa bahlorisi o ne o tle jwaloka sefefo se thulanang le lerako.


Bonang, Morena o ya roma sera se matla, se sa sitweng ke letho, se jwaloka sefefo sa difako, le jwaloka setsokotsane se senyang hohle, le jwaloka morwallo wa metsi a maholo a tlalang hohle; o tla dihela moqhaka oo fatshe ka matla.


Metsu ya bona e bohale, diqha tsohle tsa bona di kobilwe, dikgaba tsa ditlhako tsa dipere tsa bona di ka mahakwe, mme maoto a makoloi a bona a fofa jwaloka setsokotsane.


Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.


ere ho ba dubang seretse seo se dilang: Lerako le tla heleha! Dikgohola di tla matha, mme lona, majwe a sefako, le tla wa; moya wa difefo o tla puka.


Haele Takpanese, motshehare o tla fetoha lefifi, mohla ke robang joko ya Egepeta teng, mme boikgohomoso ba teng bo matla bo felang. Leru le letsho le tla apesa motse oo, mme barwetsana ba teng ba tla ya kgolehong.


o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Ke letsatsi la botsho le la lefifi, ke letsatsi la maru, la maru a matsho. Jwaloka mafube a meso ha a aparela dithaba, ho tla setjhaba se seholo, se matla. Ho qala tshimolohong, ha ho eso ho be se ka ka sona, mme kamora sona ha ho sa tla boela ho be teng se jwalo ho isa dilemong tse sa yena kae.


Ka ba bona ba tla ka bophara ba lefatshe, mme ba dika diahelo tsa bahalaledi le motse o ratwang; ha mpa ha hlaha mollo o tswang ho Modimo lehodimong, mme wa ba qeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ