Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ke tla mo tsekisa ke tshwere lefu la sewa le madi; ke tla mo nesetsa dipula tsa dikgohola le majwe a sefako, le mollo, le sebabole, ke di nesetse le makgotla a hae le ditjhaba tse ngata tse leng ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ke tla mo ahlolela lefu la sewa le tshollo ya madi, yena le mabotho a hae, le ditjhaba tse ngata tseo a nang le tsona, ke ba nesetse pula ya sekgohola, le sefako se dinaka, le mollo, le sebabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:22
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.


O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.


Ke tla etsa tokelo molao, ho loka e be tokiso; mme sefako se tla ya le setshabelo sa leshano, metsi a hlakole tshirelo ya lona.


Jehova wa makgotla o tla tla ka diaduma, ka ditshisinyeho tsa lefatshe, ka modumo o moholo, ka sefefo, ka setsokotsane, le ka malakabe a mollo o tjhesang.


Bafu ba tsona ba tla lahlwa feela, sebodu se tswe ditopong tsa bona, madi a tsona a phalle dithabeng.


Hobane Jehova o tla ahlola nama yohle ka mollo, a otle nama yohle ka lerumo la hae; palo ya ba tlang ho bolawa ke Jehova e tla ba kgolo.


Modumo o ya ya le pheletsong ya lefatshe, hobane Jehova o na le tseko le ditjhaba, o tseka le bohle bao e leng nama; o neela ba babe lerumo, ho bolela Jehova.


ere ho ba dubang seretse seo se dilang: Lerako le tla heleha! Dikgohola di tla matha, mme lona, majwe a sefako, le tla wa; moya wa difefo o tla puka.


Ke tla mo neela lefu la sewa le madi diterateng tsa hae; ba bolawang ba tla wa ho yena ka lerumo le tla mo tlela le etswa nqa tsohle, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Ke tla romela mollo naheng ya Magogo le hodima bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba iketlile; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


ke le romele le tlala le dilalome tse mpe tse tla le hlokisa bana; le mohla lefu la sewa le madi di tla tsamaya ha hao, ke o tlisetse lerumo. Ke nna Jehova ke buang jwalo!


ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele kgohlong ya Josafate; ke tla tseka teng le bona ka baka la Iseraele, setjhaba sa ka le lefa la ka, eo ba mo qhalantseng hara ditjhaba, ba ba ba arola naha ya ka.


mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo, mme ya wa, mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.


Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.


le yena o tla nwa veine ya bohale ba Modimo e tshetsweng, e sa tswakwa, senwelong sa kgalefo ya wona, mme o tla hlokofatswa mollong le sebaboleng pontsheng ya mangeloi a halalelang le ya Konyana.


Sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta, sa na lehodimong, sa wela hodima batho; mme batho ba nyefola Modimo, ka baka la kotsi ya sefako, kahobane e bile kotsi e kgolo haholo.


Ka ba bona ba tla ka bophara ba lefatshe, mme ba dika diahelo tsa bahalaledi le motse o ratwang; ha mpa ha hlaha mollo o tswang ho Modimo lehodimong, mme wa ba qeta.


Lengeloi la pele la letsa terompeta ya lona, mme ha hlaha sefako le mollo, ho kopane le madi; ntho tseo tsa akgelwa lefatsheng; mme ha etjha karolo ya boraro ya lefatshe, ha etjha le karolo ya boraro ya difate, le jwang bo botala ba etjha kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ