Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O tla tloha hae ha eno, pheletsong ya leboya, e le wena le ditjhaba tse ngata hammoho le wena, e le ba palamileng dipere kaofela ha bona, bongata bo boholo, sera se sengata;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 O tla tloha haeno, hole leboya, o ena le ditjhaba tse ngata, bohle ba palame dipere, le le lebothohadi le matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Marena wohle a Leboya a teng le wona, le Basidone bohle; ba theohetse sehokong hammoho le ba bolailweng, ba le dihlong, leha e ne e le bao bohale ba bona bo neng bo hasa letsoso la bona; ke maqai a tla robala ho ba bolailweng ke lerumo, ba tla jara dihlong tsa bona hammoho le ba theohetseng sehokong.


Ke tla o kgutlisa, ke kentse mautlana mehlahareng ya hao, ke o ntshe, e le wena le sera sa hao kaofela, dipere le bapalami, ba hlometse bohle dihlomo tse phethehileng, e le bongata bo boholo bo hlometseng dithejana le dithebe, batho ba ekang lerumo;


ba nang le Gomere le makgotla wohle a hae; le ntlo ya Togarma e tswang pheletsong ya leboya le makgotla wohle a hae, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


Ke tla o kgutlisa, ke o hulanye, ke o nyolle pheletsong ya leboya, ke o tlise ho lwantsha dithaba tsa Iseraele.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Itlhahaneleng, le tle, lona ditjhaba tsohle tse kamathoko, le phuthehe! Wena Jehova, theolela dinatla tsa hao teng!


ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele kgohlong ya Josafate; ke tla tseka teng le bona ka baka la Iseraele, setjhaba sa ka le lefa la ka, eo ba mo qhalantseng hara ditjhaba, ba ba ba arola naha ya ka.


Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha ditjhaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tshollele hodima yona kgalefo ya ka, ho tuka hohleha bohale ba ka; hobane ka mollo wa poulelo ya ka lefatshe lohle le tla tjheswa.


Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.


Mme ya ba bokella thoteng e bitswang Harmagedone, ka Seheberu.


mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dikgutlong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, a ba bokellele ho lwana; palo ya bona e ka ka lehlabathe la lewatle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ