Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 o re: Ke tla futuhela lefatshe leno le ahlameng, ke nehelle bathong bano ba phelang ka kgotso, ba ahileng ba iketlile, ba dutseng ho se marako, ho se mekwallo le mamati.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 O tla re: “Ke tla futuhela metsana e sa hahaletswang, ke hlasele setjhaba se iketlileng, se iphelelang ka kgotso, se iphelelang metseng e sa haheletswang, e se nang dikgoro le mekwallo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:11
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nanara ka sephiring jwaloka tau letsabeng la yona; o laletse ho tshwara ya madimabe; o tshwara ya madimabe, o mo hulanya letloweng la hae.


Sera sa re: Ke tla phalla, ke ba tshware, ke tla hapisa thepa, moya wa ka o tla ikgorisa ka bona; ke tla tsomola sabole, letsoho la ka le tla ba qeta.


Tsatsing leo, ho tla tloha ho nna ka dikepe manqosa, a tla ya tshosa Kushe ya iketlileng, mme ba tla kudupana ke bohloko jwaloka mohla kotlo ya Egepeta; bonang, hoo ho fela ho ya tla.


Sefate se naheng se tla beha ditholwana tsa sona, lefatshe le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ya bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke robang difate tsa joko ya bona, ke ba namolelang matsohong a ba ba sebedisang.


Ha ho le jwalo, mora motho, porofeta, o re ho Gogo: Morena Jehova o re: Tsatsing leo, ha setjhaba sa ka se ahile se iketlile, ha ke re, o tla tseba na?


Kamora matsatsi a mangata o tla memuwa; dilemong tsa ho qetella, o tla tla lefatsheng le amohilweng lerumo, setjhabeng se phuthilweng ditjhabeng tse ngata, se ahileng dithabeng tsa Iseraele tse neng di fetohile lefeella ka dilemo tse ngata; ke setjhaba se ntshitsweng ditjhabeng; kaofela ha sona se ahile se iketlile.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ka ho re ho bonahatswe kganya ya hae a nthomileng ho ditjhaba tse le hapileng; hobane ya le amang o ama thaka ya leihlo la hae;


Empa le se le tla tshela Jordane, mme le tla aha lefatsheng leo Jehova, Modimo wa lona, a le fang lona, e be lefa la lona; o tla le nea phomolo ka ho le namolela direng tsa lona tsohle tse ka mathokong a lona, mme le tla aha le iketlile.


Haele bao, eitse hobane ba nke ntho tseo Mika a di entseng, le moprista wa hae ba fihla Laishe, batho ba teng ba ntse ba dutse ka kgotso le ka boiketlo; ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, mme ba tjhesa motse.


Yaba banna bao ba bahlano ba tloha, ba fihla Laishe, ba bona batho ba teng ba dutse ba iketlile ka mokgwa wa Basidone, ba dutse ka boiketlo le ka kgotso, ho se motho ya nang le borena naheng eo, ya nang le matla a ho ba etsa hampe, ba le hole le Basidone, ba se na taba le batho ba bang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ