Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.
Hape, ka tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lejwe le boima ho ditjhaba kaofela; bohle ba le emisang ba tla tswa kotsi, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla le bokanela.
Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a epsha, hore ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabatsatsi.
mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dikgutlong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, a ba bokellele ho lwana; palo ya bona e ka ka lehlabathe la lewatle.