Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 37:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Yaba Morena o re ho nna: “Porofetela moya; porofeta, wena ngwana motho, o re ho wona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Wena moya, foka o etswa qoleng tse nne tsa lefatshe, o phefumolohele ditopo tsena, di tle di phele.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 37:9
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o boela o romela moya wa hao, di boele di tswalwe; mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.


Moya wa leboya, tsoha; tloo le wena, moya wa borwa, o fokele serapeng sa me; dinonetso tsa sona di ntshe monko wa tsona! Moratuwa wa me a ke a kene serapeng sa hae, a latswe ditholwana tse monate tsa sona.


Mme ke tla kenya moya wa ka ho lona, le tle ke phele: ke tla le busetsa naheng ya lona, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ke boletseng hoo, ke ho etsang: ho rialo Jehova.


A re ho nna: Porofetela masapo ao, o re ho wona: Oho, masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Jehova!


Morena Jehova o re ho masapo ao: Bonang, ke tla kenya moya ka ho lona, le tle le tsohe;


Ka re ke ntse ke tadimile, ka bona ho hlaha mesifa ho wona, le yona nama ya mela, mme letlalo la kwahela hohle, ho mpa ho se moya ho wona.


Etlare ha a se a phahame, mmuso wa hae o tla robakwa dikoto, o arolelwe meya e mene ya mahodimo, empa e ke ke ya eba wa ditloholo tsa hae, mme matla a wona a ke ke a lekana le matla a wona a pele, hobane mmuso wa hae o ya haholwa, o arolelwe basele, o seng bao.


Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung? Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.


Yaba lengeloi le nkarabela, la re: Tseo ke meya e mene ya lehodimo e tswang moo e emang pela Morena wa lefatshe lohle.


Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.


La re ho nna: E ka kgona o boele o porofete hodima ditjhaba, le mefuta, le dipuo, le marena a mangata.


Empa ha ho fetile matsatsi a mararo, ho isa mahareng a letsatsi le leng, moya wa bophelo o tswang ho Modimo wa kena ho bona; ba ema ka maoto a bona, mme tshabo e kgolo ya wela ba ba bonang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ