Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 37:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Tabernakele ya ka e tla ba hodima bona, mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Leaho la ka le lona le tla ba hara bona; nna ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 37:27
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hore ba tle ba tsamaye ka dikomelo tsa ka, ba boloke melao ya ka, ba e etse; e tle e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


hore ba ntlo ya Iseraele ba se ke ba hlola ba nkwenehela, ba se ke ba hlola ba itshilafatsa ka meikgantsho yohle ya bona, e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona: ho rialo Morena Jehova.


Le tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee bontata lona, le be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.


Ha ba sa tla itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona, le ka manyala a bona, le ka meikgantsho yohle ya bona; ke tla ba ntsha meahong yohle ya bona eo ba sitilweng ho yona, ke ba hlwekise, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


Ke tla itjalla yena lefatsheng; mme ke tla hauhela Lo-Ruhama, ke tla re ho Lo-Ammi: O setjhaba sa ka; mme yena o tla re ho nna: O Modimo wa ka.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.


Haele tempele, ha ke a ka ka e bona ho wona; hobane Morena Modimo o matla wohle le Konyana ke tempele ya wona.


Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.


Ke ka lebaka leo ba leng pela terone ya Modimo, mme ba o sebeletsa motshehare le bosiu tempeleng ya wona; mme ya dutseng teroneng o tla ba sireletsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ