Ezekiele 37:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)26 Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, mme ke tla bea sehalalelo sa ka hara bona ka ho sa feleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE26 Ke tla etsa selekane sa kgotso le bona, mme e tla ba selekane sa kamehla yohle. Ke tla ba tsitsisa, ke ba ngatafatse, mme ke emise Sehalalelo sa ka hara bona kamehla yohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.
a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.