Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 37:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona, e be modisa wa bona bohle; ba tla tsamaya ka ditaelo tsa ka, ba boloke dikomelo tsa ka, ba di etse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 “ ‘Mohlanka wa ka Davida e tla ba kgosi ya bona. Ba tla ba le modisa a le mong feela, ba tsamaye ka melao ya ka, ba boloke ditaelo tsa ka, ba di phethe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 37:24
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sekeha tsebe, modisa wa Iseraele; wena ya tsamaisang Josefa jwalokaha ho tsamaiswa mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, hlaha kganyeng ya hao!


Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.


Mantswe a ba bohlale a jwaloka ditsenene, maele a bokeletsweng a jwaloka dipekere tse kgokgothetsweng; ke a filweng ke modisa a le mong.


Bonang, morena o tla busa ka ho loka, mahosana le wona a dise ka ho loka.


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.


Monga hae e tla ba ya tswang ho yena, mmusi wa hae e be ya hlahang ho yena; ke tla mo atametsa, a tle a be haufi le nna; hobane ke mang ya neng a ka beta pelo hore a atamele ho nna, ho bolela Jehova?


Ba mpa ba tla sebeletsa Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona, eo ke tla mmea ho bona.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ke tla ba nea pelo e le nngwe le mokgwa o le mong wa ho ntshaba kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona kamora bona.


Jwaloka makgotla a mahodimo a ke keng a balwa, le lehlabathe la lewatle le ke keng la lekanngwa, ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, jwalo, le Balevi ba ntshebeletsang.


Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.


Ke tla mo heletsa, ke mo heletse, ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ya hae, eo ke mo neileng yona.


Ke tla bea moya wa ka hare ho lona, mme ke tla le tsamaisa dikomelong tsa ka, ke etse hore le boloke ditaelo tsa ka, hore le di phethe.


Ke tla ba etsa setjhaba se le seng lefatsheng, dithabeng tsa Iseraele. Eo e tla ba morena wa bona e tla ba morena a le mong; e ke ke ya hlola e eba tjhaba tse pedi, di ke ke tsa hlola di arohana ho etsa mebuso e mmedi.


Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.


Naha ya morena e tla ba ka kwano ho naha e arotsweng ya sehalalelo; le ho e tla ruwa ke motse, mabapa le naha e arotsweng ya sehalalelo le kapele ho naha e ruilweng ke motse, ho tloha nqeng ya bophirimela ho yona ho leba ka nqa bophirimela, le ho tloha nqeng ya botjhabela ho yona ho leba ka nqa botjhabela; bolelele ba karolo eo bo tla lekana le bolelele ba karolo ya leloko, ho tloha moeding wa bophirimela, ho tlisa moeding wa botjhabela.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Yena o tla ema, a dise ka matla a Jehova le ka kganya ya lebitso la Jehova, Modimo wa hae, mme ba tla phomola, hobane jwale o tla ba moholo ho isa pheletsong ya lefatshe.


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.


Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae.


Ke a le boka, banabeso, kahobane le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka dithuto kamoo ke le neileng tsona kateng.


Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.


Jehova, Modimo wa hao, o tla bolotsa pelo ya hao, le dipelo tsa ditloholo tsa hao, o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, o tle o phele.


Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;


Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Mme mohla modisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka wa kganya, o sa boleng.


Ya bolelang hore o dutse ho wona, e ka kgona a tsamaye ka mokgwa oo le yena Jesu a tsamaileng ka wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ