Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 37:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mme ke tla kenya moya wa ka ho lona, le tle ke phele: ke tla le busetsa naheng ya lona, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ke boletseng hoo, ke ho etsang: ho rialo Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ke tla le nea Moya wa ka, mme le tla phela. Ke tla le ahisa naheng ya lona, kahoo le tla tseba hore nna Morena, ke buile jwalo, mme ke phethahaditse, ho rialo Morena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 37:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ho fihlela moya wa lehodimo o tshelwa hodima rona, le lefeella le fetoha serapa, le serapa se tshwana le moru.


Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;


Mme difate tsohle tse naheng di tla tseba hoba ke nna Jehova ke kokobeditseng sefate se selelele, ke phahamisitseng sefate se kokobetseng, ke omeleditseng sefate se setala, ke medisitseng sefate se omeletseng. Ke nna Jehova ke bolelang hoo, ke bileng ke tla ho etsa.


Na pelo ya hao e tla tiya, kapa a matsoho a hao a be matla ditshiung tseo ke tla sebetsa ka wena na? Ke nna Jehova ke boletseng, ke tla be ke etse.


Ke tla bea moya wa ka hare ho lona, mme ke tla le tsamaisa dikomelong tsa ka, ke etse hore le boloke ditaelo tsa ka, hore le di phethe.


Kahoo, ditjhaba tse setseng, tse le kopileng ka nqa tsohle, di tla tseba hoba ke nna Jehova ke tsositseng metse e heleditsweng, ke boetseng ke lemile lefeella. Ke nna Jehova ke bolelang seo, ke se etsang.


Etlare hobane ke phetle mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, le tla tseba hoba ke nna Jehova.


ke le apese ka mesifa, le ho medisa nama ho lona, le ho le apesa ka letlalo, le ho kenya moya ho lona, le tle le tsohe; mme le tla tseba hoba ke nna Jehova.


Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.


Mme ha ke sa tla boela ke ba patele sefahleho sa ka, kahobane etlaba ke tsholletse moya wa ka tlung ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Mme ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


Hobane molao wa Moya wa bophelo, o leng ho Jesu Kreste, o nkgolotse molaong wa sebe le wa lefu.


Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang, mme Adama wa morao o entswe moya o phedisang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ