Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 37:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, masapo ana a tshwantsha bohle ba ntlo ya Iseraele. Ha ba bua ba re: ‘Masapo a rona a omeletse, re feletswe ke tshepo, re timeletswe.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 37:11
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme jwale, tshepo ya ka e kae? E tla bonwa ke mang e hlahile?


Masapo a rona a hasane molomong wa nqalo ya bafu, jwaloka lefatshe ha le lengwa, leha le phophothwa.


Ratang Jehova, lona bakgethwa bohle ba hae! Jehova o boloka batshepehi, o otla baikgohomosi ka ho fetisisa.


Kgalefo ya hao e tukang e nkwetse hodimo; ke fediswa ke matsoso a hao;


ke ya lahlilweng hara bafu; ke jwaloka babolauwa ba robetseng lebitleng, bao o sa hloleng o ba hopola, ba kgaohaneng le wena.


Na keng Jakobo, ha o bolela, le wena Iseraele, ha o re: Tsela ya ka ha e lemohuwe ke Jehova, tokelo ya ka ha e qamakwe ke Modimo wa ka?


Sione o na be a itse: Jehova o ntlohetse, Morena o ntebetse.


Bona leoto la hao hore le se ke la tsamaya feela, le mmetso wa hao hore o se ke wa oma. O mpa o re: Le hanyenyane! ke mpa ke ratile medimo ya baditjhaba, ke tla nne ke e latele.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Ho sa tla rekwa masimo lefatsheng lena, leo lona le reng ke lesupi le se nang batho leha e le dikgomo, le neetswe matsohong a Bakalde.


Ka re: Ke feletswe ke tshepo ya ka le ke tebello ya ka ho Jehova.


Metsi a ba a nkapesa hlooho, ka re: Ke kgaoletswe.


Oho mora motho, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Le bolela, le re: Kannete maikgantsho a rona le dibe tsa rona di ho rona, re timela ka baka la tsona; re ka phela ha re etsa jwang na?


Ke tla atisa banna ho lona, e leng ho re ntlo yohle ya Iseraele: metse e tla boela e ahuwe, le dithako di tsoswe.


Haele wena, mora motho, o inkele sefate, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Juda le sa bana ba Iseraele ba kopaneng le yena. O boele o nke sefate se seng, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Josefa: sefate sa Efraime le sa bohle ba ntlo ya Iseraele ba kopaneng le yena.


O re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla nka sefate sa Josefa se letsohong la Efraime, le meloko ya Iseraele e kopaneng le yena, ke di bee ho se seng, e leng sefate sa Juda; ke tla di etsa sefate se le seng, di etse sefate se le seng letsohong la ka.


Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


Mme ka mokgwa oo, Baiseraele bohle ba tla bolokeha, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Molopolli o tla tswa Sione, mme o tla tlosa nyefolo ho Jakobo;


Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;


O le tsositse jwalo le lona le neng le shwele melatong ya lona le dibeng tsa lona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ