Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 37:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Letsoho la Jehova la eba teng ho nna, mme Jehova a ntlosa ka moya, a mpea hara thota, mme e ne e tletse masapo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Matla a tswang ho Morena a ntsukutla. Morena a nkuka ka Moya wa hae, a mpea kahara kgohlo e tletseng masapo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 37:1
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe, etlare ke sa tloha ho wena, moya wa Jehova o tla o isa moo ke sa tsebeng; jwale ha ke eya, ke tsebisa Akabe, mme a sa o fumane, o tla mpolaya; athe nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tshaba Jehova, esale le botjheng ba ka.


Ba ntoo re ho yena: Bona, bahlanka ba hao ba na le banna ba matla ba mashome a mahlano; ha ba ke ba ye, ba batle monga hao; ekaba mohlomong, moya wa Jehova o mo nkile, o mo lahletse thabeng e nngwe, leha e le sekgutlong se seng. A re: Le se ke la romela.


Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.


Eya, o eme monyako wa ntlo ya Jehova, o howeletse lentswe lena teng, o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba kenang ka menyako ena ho tla kgumamela Jehova.


Ka baka leo, ho bolela Jehova, bonang, ho tla matsatsi ao ho sa tlo ka ho bitswa Tofethe ka wona, leha e le kgohlo ya mora Hinnome, empa ho tla bitswa kgohlo ya polao, mme ho tla epelwa ditopo Tofethe, ka ho hloka sebaka.


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


lentswe la Jehova la tlela Esekiele, mora Busi moprista, a le naheng ya Bakalde, pela noka ya Kebare; letsoho la Jehova la eba ho yena hona teng.


Yaba moya o a nkuka, wa nkgutlisetsa Kalde ho ba isitsweng teng kgolehong, ka pono ya mohlolo, ka moya wa Modimo. Mme pono ya mohlolo eo ke neng ke e bone, ya tloha ho nna, ya nyolohela hodimo.


Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.


Ke sa le hona teng, letsoho la Jehova la dula ho nna, mme a re ho nna: Ema, o ye nahathothe; teng ke tla bua le wena.


Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.


A mpotisa wona ka nqa tsohle, mme ka bona hoba a mangata haholo hodima thota; hape, ka bona hoba a omeletse haholo.


Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.


Ke ha moya o nkuka, wa ntlisa lebaleng le kahare; mme ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo.


Ka selemo sa botshelela, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ka re ke sa dutse tlung ya ka, le baholo ba Juda ba dutse pela ka, letsoho la Morena, e leng la Jehova, la nkwela hodimo hona teng.


A otlolla ntho e kang letsoho, a nkuka ka sehlotho sa hlooho ya ka, mme moya wa nkukela pakeng tsa lefatshe le lehodimo, wa nkisa diponong tsa mehlolo tsa Modimo, Jerusalema, monyako wa lebala le kahare o lebileng nqa leboya, moo ho nang le setulo sa setshwantsho sa poulelo se bouledisang.


Jwale Jesu, a tletse Moya o Halalelang, a tloha Jordane, a iswa ke Moya feelleng.


Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile.


Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ