Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 36:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha ho le jwalo, porofetela naha ya Iseraele, o re ho dithaba le dithabana, melapo le dikgutlo: Morena Jehova o re: Ke nna enwa; poulelong ya ka le kgalefong ya ka ke a bua, hobane le fela le jere sekgobo sa ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 “Ka baka leo, porofetela naha ya Iseraele, mme o bue ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke bua ka kgalefo le ka lefufa, hobane le ile la nyefolwa ke baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 36:6
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho Modimo, sera se tla re soma ho isa kae? A sera se tla nyefola lebitso la hao kamehla na?


Hopola hoba sera se nyefotse Jehova, le hoba setjhaba se hlanyang se rohakile lebitso la hao.


O se ke wa lebala ho rora ha dira tsa hao; ho duma ha bahanyetsi ba hao ha ho kgaotse.


Ke tla ba medisetsa ditlama tse ntle, hore ba se ke ba hlola ba qetwa ke tlala naheng ya bona; ha ba sa tla jara sekgobo sa ditjhaba.


Ha nka ke ka hlola ke utlwahatsa dinyefolo tsa ditjhaba ha eno, ha o sa tla jara sekgobo sa ditjhaba, ha o sa tla kgopisa setjhaba sa heno: ho bolela Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke emiseditse letsoho la ka hodimo; kannete ditjhaba tse le teetseng hare di tla jara sekgobo sa tsona!


Tsatsing leo, mohla Gogo a futuhelang naha ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohale bo tla tlala dinko tsa ka.


Ke rialo poulelong ya ka le tjhesehong ya kgalefo ya ka: tsatsing leo, tshisinyeho e kgolo e tla ba teng naheng ya Iseraele.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ