Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 36:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha ho le jwalo, o porofete, o re: Morena Jehova o re: Erekaha le entswe lefeella, mme la teelwa hare hore le timele, le tle le ruwe ke masala a ditjhaba, mme le fetohe thusolelo ya melomo le ya maleme, le sekgobo ho ditjhaba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 “Ka baka leo, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ba ile ba le ripitla, ba le hapa kahohle hore le tle le be lefa la masalla a baditjhaba, ba le bua hampe, ba le soma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 36:3
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba se ke ba re dipelong tsa bona: Hantle, ke kamoo re ratileng kateng; ba se ke ba re: Re mo kwentse!


Modimo, mamela mehoo ya ka, o ele thapelo ya ka hloko.


Ke entswe sesomo sa ba dutseng kgorong, matahwa a mpina ka dipina.


Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!


Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko.


re ba metse jwaloka nqalo ya bafu, ba sa utlwa; kaofela ha bona ba be jwaloka bao ba hohlomelang mokoting;


ba entse lefatshe la bona makatso le sesomo ka ho sa feleng, hore e mong le e mong ya tla feta ka lona a tle a makale, a sisinye hlooho ya hae.


Ditawana di a mo purumela, di dumisa mantswe a tsona, di fetola lefatshe la hae tshenyeho feela; metse ya hae e tjhesitswe, e hlokile moahi.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.


Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.


Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi ha a bewa morena, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.


Morena o fetohile ya kang sera, o metsitse Iseraele, a ripitla matlo a hae kaofela a borena, a fedisa metse e marako; o atiseditse moradi wa Juda maswabi le mahlomola.


le dipolelo tsa ba ntsohelang matla, le merero ya bona bakeng sa ka tsatsi lohle.


Metse e hahilweng e tla timeletswa, naha e senngwe, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Erekaha ba fela ba kgelosa setjhaba sa ka, ba re: Kgotso! athe ha ho kgotso, mme erekaha tjhaba sena se haha lerako, mme ba le dila ka seretse ...


La ikgohomosetsa nna ka melomo ya lona, la mpokellela mantswe a lona; mme ka utlwa.


Morena Jehova o re: Mollong wa poulelo ya ka, kannete ke nyatsa ditjhaba tse ding le Edomo kaofela, tse inkelang lefatshe la ka ho le rua; di thabetse hoo ka pelo yohle, di le kgesa ka moya wohle, hore di le neele kgapo!


Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.


Naha e tla tlohelwa ke bona, mme e tla thabela Disabatha tsa yona, ha e sa ntse e senyehile, ba le siyo; ba tla lefa molato wa makgopo a bona, ka baka la hobane ba nyatsitse dikahlolo tsa ka, mme ba kgesitse melao ya ka.


O se ke wa kena ka kgoro ya setjhaba sa ka ka letsatsi la tlokotsi ya sona; se kgahlwe ke bohloko ba sona ka letsatsi la tlokotsi ya sona; o se ke wa isa matsoho a hao matlotlong a sona ka letsatsi la tlokotsi ya sona.


Leha re nyefolwa, re a rapela; re entswe dithole tsa lefatshe, le dilahlwa tsa bohle, ho fihlela jwale.


mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ