Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 36:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Le hona ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, le sentsweng hara ditjhaba tseo le le sentseng hara tsona, hore ditjhaba di tle di tsebe hoba ke nna Jehova, mohla nna, ke leng Morena Jehova, ke ikgalaletsang ka lona pela mahlo a tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ke tla bonahatsa kgalalelo ya lebitso la ka le leholo, leo le le silafaditseng hara ditjhaba, lebitso leo le le silafaditseng hara tsona. Ha ke se ke bonahaditse kgalalelo ya ka ka lona, moo baditjhaba ba ntseng ba bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ho rialo Morena Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 36:23
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla kgahlwa ke lona jwaloka hoja le le dibano tse monko o monate, ha ke se ke le ntshitse ditjhabeng, mme ke tla le phutha dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, ke tle ke kgethehe ka lona pela ditjhaba;


Ke tla tumisa lebitso la ka le kgethehileng hara setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla dumela hore ho hlomphollwe lebitso la ka le kgethehileng; mme ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova Mohalaledi wa Iseraele.


Mme Jehova wa makgotla o tla ikgodisa ka dikahlolo, Modimo o halalelang o ikgalaletse ka ho loka.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona, ke na beng ke ba isitse ditjhabeng kgolehong, ke boelang ke ba bokellela naheng ya bona, mme mane nke ke ka siya le a mong wa bona.


Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, Sidone, ke itlotlise ka wena. Ho tla tsejwa hoba ke nna Jehova, mohla ke mo hlahisetsang dikahlolo, ke iektsang ya kgethehileng ka yena.


le mpe le tshabe Morena Jesu dipelong tsa lona, mme le itokisetse kamehla ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho, ho ya le botsang tshepo e ho lona.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane o Modimo o nnotshi, wena Jehova!


Na ke tla etsang, ho bolela Jehova, ha setjhaba sa ka se tlositswe feela? Ba se etsetsang boima ba ithorisa ka sona, ho bolela Jehova; lebitso la ka le nyefolwa kamehla, ka tsatsi le leng le le leng.


mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke se ke le buseditse naheng ya Iseraele, lefatsheng leo ke neng ke emiseditse bontata lona letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa lona.


o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.


Ke tla itlotlisa ditjhabeng; ditjhaba di tla bona kahlolo ya ka eo ke tla e etsa, le letsoho la ka leo ke tla le bea ho tsona.


Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.


e le mohla ke ba kgutlisang ditjhabeng, ke ba phuthang dinaheng tsa dira tsa bona, ke ikgalaletsang ka bona pontsheng ya ditjhaba tse ngata.


Morena Jehova o re: Mohla ke bokellang ntlo ya Iseraele ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng hara tsona, ke tla iketsa ya kgethehileng ka bona pela ditjhaba, mme ba tla aha lefatsheng leo ke le neileng mohlanka wa ka, Jakobo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ