Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 36:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke tla atisa banna ho lona, e leng ho re ntlo yohle ya Iseraele: metse e tla boela e ahuwe, le dithako di tsoswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ke tla ngatafatsa setjhaba sa lona, ke ngatafatse le ntlo yohle ya Iseraele. Metse e tla boela e eba le baahi, le dithako di tsoswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 36:10
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Letsatsi le a tla leo Jakobo a tlang ho mela metso ka lona, Iseraele a hlahise dipalesa le lehlomela, mme ba tla tlatsa lefatshe ka ditholwana tsa bona.


Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.


Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.


Ditloholo tsa hao di tla tsosa masupi a boholoholo; o tla tsosa metheo ya kgale, mme o tla rewa motsosi wa dikgeo, le molokisi wa diterata tse ka ahuwang.


Ba tla tsosa marako a kgale, ba tsose masupi e senyehileng kgale, ba ntjhafatse metse e senyehileng, esaleng e le dithako mehleng ya kgale.


Ho tla nne ho tswe ho yona diteboho le lentswe la ba nyakallang; ke tla ba anafatsa, ba se ke ba hlola ba boba, ke tla ba tlotlisa, ba tle ba se ke ba kgeswa.


Bajuda ba tla ikahela teng hammoho le metse ya bona, balemi le ba tsamayang le mehlape.


Ho itswe ke Jehova: Nqalong ena e dithako, e se nang motho leha e le kgomo, le metseng ya teng, ho sa tla ba teng meraka ya badisa ba bothisang mehlape.


Morena Jehova o re: Mohla ke le ntlafatsang hore le hloke makgopo a lona, ke tla etsa hore metse e ahuwe, mme dithako di tsoswe.


Morena Jehova a re: Ke sa tla dumela ho batlelwa ho hong ke ba ntlo ya Iseraele hore ke ba etsetse hona: ke tla ba atisetsa batho ba be ka ka mohlape wa dinku.


Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.


mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.


Ke tla ba etsa setjhaba se le seng lefatsheng, dithabeng tsa Iseraele. Eo e tla ba morena wa bona e tla ba morena a le mong; e ke ke ya hlola e eba tjhaba tse pedi, di ke ke tsa hlola di arohana ho etsa mebuso e mmedi.


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, mme ke tla bea sehalalelo sa ka hara bona ka ho sa feleng.


Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.


Ke tla lokolla setjhaba sa ka sa Iseraele kgolehong ya sona, mme ba tla tsosa metse e senyehileng, ba ahe ho yona; ba tla hloma masimo a merara, ba nwe veine ya wona; ba tla hloma le dirapa tsa difate, ba je le ditholwana tsa tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ