Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 35:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 o re ho yona: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, thaba ya Seire, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke o etse lesupi le tshenyeho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ere ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ke o halefetse, wena Thaba ya Seire, ke tla otlolla tsoho la ka, ke le otlollele hodima hao, ke o fetole nanaola le lefella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 35:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.


Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?


Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.


Edomo o tla etswa lesupi feela; e mong le e mong ya fetang ka yena o tla makala, a some bakeng sa dikotsi tsa hae kaofela.


Bona, ke tla ho wena, thaba e senyang, ho bolela Jehova, wena ya senyang lefatshe kaofela; ke tla otlolla letsoho la ka hodima hao, ke o dihe mafikeng, ke o fetole thaba e tjhesitsweng;


Matlo a bona a tla ruwa ke baditjhaba, le wona masimo le basadi hammoho, mohla ke otlollang letsoho la ka ho baahi ba lefatshe, ho bolela Jehova.


Ere ho naha ya Iseraele: Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, ke tla pshemola lerumo la ka selateng, ke kgaole ba lokileng le ba babe ba ho wena.


ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.


ke ya tla ke hona ho wena le ho dinoka tsa hao, ke etse naha ya Egepeta dithako tse omeletseng, tse feela, ho tloha Migdole, ho tlisa Siene, le ho isa moeding wa Kushe.


Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.


Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Ke tla etsa thaba ya Seire lefeella le nahathothe, ke kgaole ba yang teng le ba kgutlang teng.


Hoo e tla ba sekgobo le nyediso, thuto le makatso pontsheng ya ditjhaba tse o teetseng hare, mohla ke o hlahisetsang dikahlolo ka bohale, le ka kgalefo, le ka dikgalemelo tse bohloko. Ke nna Jehova ke buang taba tsena.


ka baka leo, Jehova o re: Bona, le nna ke se ke ya tla ho o lwantsha, ke hlahise dikahlolo tsa ka ha hao pontsheng ya ditjhaba.


Ke tla ba otlollela letsoho la ka, ke etse lefatshe la bona lefeella le lebe ho feta lefeella la Dibla, hohle moo ba ahileng teng. Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla tjhesa makoloi a hao, ke a fetole mosi, mme ditawana tsa hao di tla jewa ke lerumo. Ke tla tlosa kgapo ya hao lefatsheng, mme lentswe la manqosa a hao ha le sa tla utlwahala.


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla o apola, kobo ya hao ke e busetse sefahlehong sa hao, ke tle ke bontshe ditjhaba bofeela ba hao, ke bontshe le mebuso dihlong tsa hao;


ke sentse dithaba tsa hae, le lefa la hae ke le neile diphokojwe tsa lefeella.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ