Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,
Empa Morena Jehova ke thuso ya ka; ka baka leo, ke mameletse dihlong; ka baka leo, sefahleho sa ka ke se entse jwaloka lehakwe, mme ke tsebile hore nke ke ka tsieleha.
Edomo o teng, le marena le marenana wohle a hae, a beilweng le ba bolailweng ke lerumo, leha e ne e le bahale. Le bona ba robetse ho maqai le ho ba theohetseng sehokong.
Morena Jehova o re: Mollong wa poulelo ya ka, kannete ke nyatsa ditjhaba tse ding le Edomo kaofela, tse inkelang lefatshe la ka ho le rua; di thabetse hoo ka pelo yohle, di le kgesa ka moya wohle, hore di le neele kgapo!
Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!
le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.