Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 34:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke a phela, ho bolela Morena Jehova: Erekaha dinku tsa ka di rusolotswe, mme dinku tsa ka di fetohile dijo tsa dibatana tsohle tsa naha, ka ho hloka modisa, mme badisa ba ka ba sa batle dinku tsa ka; erekaha badisa ba itisa, ba sa dise dinku tsa ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ke a hlapanya, ho rialo Morena. Dinku tsa ka di fetohile lelobelo, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha, ka baka la ho hloka modisa. Badisa ha ba a ka ba batla mohlape wa ka, empa ba ile ba iphepa ba le bang, ba se ke ba fepa mohlape wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 34:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Jehova o re: Bonang, ke ya lwantsha badisa, ke tla batla dinku tsa ka matsohong a bona, ke etse hore ba lese ho disa mohlape; badisa ha ba sa tla itisa, ke tla namolela mohlape wa ka melomong ya bona, ha e sa tla ba dijo tsa bona.


Na ho lona ke ntho e nyenyane ha le fula makgulong ana a matle, haele moo le hata jwang bo setseng ka maoto a lona, leha le enwa metsi a hlwekileng, haele moo le duka a setseng ka maoto a lona na?


Haele lona, mohlape wa ka, dinku tsa madiso a ka, le batho; nna, ke Modimo wa lona: ho rialo Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, badisa, mamelang lentswe la Jehova.


ha ho le jwalo, badisa, mamelang lentswe la Jehova!


ha ho le jwalo, thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re ho dithaba le dithabana, ho melapo le dikgutlo, ho dithako tse feela le ho metse e tlohetsweng, e neetsweng kgapo le sesomo sa masala a ditjhaba tse e teetseng hare ka nqa tsohle;


Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.


Hobane ke a tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lona diphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape;


Ha ke a ka ka lakatsa silefera, leha e le kgauta, leha e le kobo ya e mong.


Empa haele nna, ha ke a ka ka ithusa ka e nngwe ya tseo, mme leha ke ngola taba tseo, hase hore ho etswe jwalo bakeng sa ka; hobane haele hore motho a etse thoriso ya ka lefeela, nka ikgethela ho shwa.


Seo e leng monyaka ho bona ke ho phela ka bohlola ka matsatsi wohle; ke matheba le ditshila hara lona; ba ithabela dithetsong tsa bona, ha ba ntse ba eja le lona.


Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ