Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 34:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Dinku tsa ka di lelera dithabeng tsohle le maralleng wohle a phahameng; dinku tsa ka di qhalane lefatsheng lohle, ho se ya di botsang, ho se ya di batlang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Dinku tsa ka di solla kahohle dithabeng le maralleng; mohlape wa ka o qhalane kahohle lefatsheng, mme ha ho ya o batlang, leha e le ho o batlisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 34:6
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ntse ke phaila jwaloka nku e lahlehileng; o ke o batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale ditaelo tsa hao.


Tadima ka ho le letona, mme o ele hloko; ha ke na motho ya ntsebang, ha ho moo nka balehelang teng, ha ho motho ya ntlhokomelang.


Hara bara bao kaofela ba tswetsweng ke yena, ha ho le a mong ya mo tsamaisang; le ho bana ba hodisitsweng ke yena, ha ho ya mo tshwereng ka letsoho.


Hobane badisa ba thotofetse, ha ba ka ba batla Jehova; ka baka leo, ha ba ka ba atleha, mehlape yohle ya bona e a qhalanngwa.


Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.


Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.


Setjhaba sa ka e ne e le mohlape wa dinku tse lahlehileng; badisa ba tsona ba ne ba di kgelosa, ba di sepedisa dithabeng le marallaneng, tsa ba tsa lebala lesaka la tsona.


Ha ho le jwalo, badisa, mamelang lentswe la Jehova.


Etlare hobane ba phonyohileng ba bona ba phonyohe, bohle ba tla ba dithabeng, ba lle jwaloka maeba a dikgutlo, e mong le e mong hodima bokgopo ba hae.


Ho madimabe bona, hobane ba mpalehetse! Ho lahleha bona, hobane ba nkwenehetse! Ke ne ke re, ke a ba lopolla, empa bona ba bolela mashano hodima ka.


ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele kgohlong ya Josafate; ke tla tseka teng le bona ka baka la Iseraele, setjhaba sa ka le lefa la ka, eo ba mo qhalantseng hara ditjhaba, ba ba ba arola naha ya ka.


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong.


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ