Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 34:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka ho hloka modisa, di ile tsa qhalana; ya eba dijo tsa dibatana tsohle tsa naha, tsa hasana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ka baka la ho hloka modisa di qhalane, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 34:5
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.


Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, jwaloka dinku tse se nang modisa; Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a ipoelle hae ka kgotso!


Lona, dibatana tsohle tsa naha, tloong, le je; le lona dibatana tsohle tsa meru!


Hobane badisa ba thotofetse, ha ba ka ba batla Jehova; ka baka leo, ha ba ka ba atleha, mehlape yohle ya bona e a qhalanngwa.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa badisa ba disang setjhaba sa ka: Le qhalantse mohlape wa ka, le o hasantse, ha le a ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lona ka bolotsana ba diketso tsa lona, ho bolela Jehova.


Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi, mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.


Ke tla etsa lefatshe nahathothe le lefeella, boikgohomoso bo matla ba lona bo tla fela, dithaba tsa Iseraele di senyehe, ho se e mong ya tlang ho feta ho tsona.


Ha ba sa tla rusollwa ke ditjhaba; dilalome tsa naha ha di sa tla ba ja, ba mpa ba tla aha ka boiketlo, ho se e mong ya ba tshosang.


Dinku tsa ka di lelera dithabeng tsohle le maralleng wohle a phahameng; dinku tsa ka di qhalane lefatsheng lohle, ho se ya di botsang, ho se ya di batlang.


Ke a phela, ho bolela Morena Jehova: Erekaha dinku tsa ka di rusolotswe, mme dinku tsa ka di fetohile dijo tsa dibatana tsohle tsa naha, ka ho hloka modisa, mme badisa ba ka ba sa batle dinku tsa ka; erekaha badisa ba itisa, ba sa dise dinku tsa ka,


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.


Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.


Empa ya kenang ka monyako, yena ke modisa wa dinku.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ