Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 34:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Na ho lona ke ntho e nyenyane ha le fula makgulong ana a matle, haele moo le hata jwang bo setseng ka maoto a lona, leha le enwa metsi a hlwekileng, haele moo le duka a setseng ka maoto a lona na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Na ha ho a lekana hore le fule makgulong a matala? Na le tshwanela ho nna le hatakela ka maoto makgulo a setseng? Na ha ho a lekana hore le nwe metsi a hlwekileng? Na le tshwanela ho duka ka maoto metsi a setseng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 34:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lea a re ho yena: Hleka ke ntho e nyenyane ha o nkamohile monna wa me? a o ya nkamoha le diduda tsa mora wa me na? Ragele a re: O tla robala le wena bosiung bona, bakeng sa diduda tsa mora hao.


Le taba eo ya ka e nyenyane pela hao, Morena Jehova; o bile o ekeditse wa bua bakeng sa ntlo ya mohlanka wa hao, ka ho re, e tla tiya motsotso o molelele! Hleka ke wona mokgwa wa batho, Morena Jehova, na?


Sediba se dukehileng, le mohlodi o katehileng, di ka motho ya lokileng ya tetemang pela moetsadibe.


Hobane molotsana o bolela tsa bolotsana feela, pelo ya hae e neetswe bobe, a tle a etse bolotsana, a sebe Jehova ka dipuo tsa bohata, a beelle moya wa ya lapileng tlala, a time ya nyorilweng seno.


Yaba Esaia o re: Utlwang jwale, lona ba ntlo ya Davida: Hleka ke ntho e nyenyane ho lona ho kgathatsa batho, haele moo le kgathatsa le Modimo wa ka na?


Hape, wa nka bara le baradi ba hao, bao o neng o ntswaletse bona, wa ba hlabela tsona, hore di ba je. Na bootswa ba hao e ne e le ntho e nyenyane,


Ha o a ka wa tsamaya ka metsamao ya bona feela, leha e le ho etsa ka manyala a bona; teng, wa re, ho honyenyane, wa ba wa ba feta ka ho itshenya metsamaong yohle ya hao.


Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka Faro, morena wa Egepeta, o re ho yena: O ne o tshwana le tau hara ditjhaba; o ne o le jwaloka kwena mawatleng, o thala dinokeng tsa hao, o duka metsi ka maoto a hao, o etsa dinoka tsa heno dikgotlela.


Ebe dinku tsa ka di tshwanetse ho fula moo le hatileng ka maoto a lona, le ho nwa metsi ao maoto a lona a a dukileng!


Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.


a ke ntho e nyenyane ha o re ntshitse lefatsheng le kollang lebese le dinotshi ho tla re bolaela nahathothe, haele mona o ipeile morena ho rona na?


Hlekane ke ntho e nyenyane ho lona ha Modimo wa Iseraele o le kgethile setjhabeng sa Iseraele, hore o le atametse ho wona hore le phethe tshebetso ya tabernakele ya Jehova, mme le eme kapele ho phutheho ho e sebeletsa na?


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


Ho madimabe lona, baruti ba molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo; ka sebele sa lona, ha le a ka la kena; hape, le thibetse le ba kenang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ