Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 34:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Jwalokaha modisa a batla dinku tsa hae ha a fumana di qhalane, le nna ke tla batla dinku tsa ka jwalo. Ke tla di phutha hohle moo di qhalanetseng teng mohla maru a kwahetseng, ho le lefifi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 34:12
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O lekole dinku tsa hao hantle, mme o hlahlobe mohlape wa hao hantle.


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.


Morena Jehova, ya bokellang ba tebetsweng ba Iseraele, o re: Ke sa tla bokellela ba bang ho yena, le ho bao e leng ba hae, bao ke seng ke ba bokeletse.


Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.


Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.


Ho itswe ke Jehova: Nqalong ena e dithako, e se nang motho leha e le kgomo, le metseng ya teng, ho sa tla ba teng meraka ya badisa ba bothisang mehlape.


Efela tshiu eo e haufi: e, e haufi, tshiu ya Jehova; e tla ba tshiu e lefifi, e tla ba tshiu ya ditjhaba.


Mohla ke o timang, ke tla kwahela mahodimo, ke fifatse dinaledi tsa wona; letsatsi ke tla le kwahela ka leru, mme kgwedi ha e sa tla hlahisa ngwedi ya yona.


Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la matswalo, ke tsatsi la tshenyo le la tshenyeho, ke tsatsi la lefifi le la botsho, ke tsatsi la maru le la lefifi le letsho!


Bohale ba ka bo tuketse badisa, mme ke tla kgalemela diphooko, hobane Jehova wa makgotla o tla etela mohlape wa hae e leng ntlo ya Juda, a e etse pere ya hae ya bokgabane ntweng.


Jehova, Modimo wa bona, o tla ba pholosa ka tsatsi leo, jwaloka mohlape oo e leng setjhaba sa hae; hobane ba tla ba jwaloka mahakwe a phatsimang a moqhaka lefatsheng la hae.


Kapa mosadi ke ofe ya nang le didrakema tse leshome, ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a e batlisisa, a be a e fumane?


Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ