Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 34:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Morena Jehova o re: Bonang, ke ya lwantsha badisa, ke tla batla dinku tsa ka matsohong a bona, ke etse hore ba lese ho disa mohlape; badisa ha ba sa tla itisa, ke tla namolela mohlape wa ka melomong ya bona, ha e sa tla ba dijo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Morena Modimo o bua tjena: Ke tla lwantsha badisa, mohlape wa ka ke o batle ho bona, ke be ke ba tlose bodiseng ba wona, e le hore ba tle ba se hlole ba iphepa ba le bang. Ke tla ntsha mohlape wa ka hanong la bona, ba se hlole ba iphepa ka wona.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 34:10
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha.


Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?


Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, Ribla; le baholo kaofela ba Juda morena wa Babilona a ba bolaya.


Bona, ke tla ho wena, moikgohomosi, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, hobane ho tlile letsatsi la hao, nako eo ke o kgalemelang ka yona.


le hona ha le sa tla bona dipono tsa lefeela, ha le sa tla etsa bonohe. Ke tla namolela setjhaba sa ka diatleng tsa lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha le bua taba tsa lefeela, mme le bona pono tsa leshano, ke ya tla le lwantsha: ho rialo Morena Jehova.


Ere ho naha ya Iseraele: Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, ke tla pshemola lerumo la ka selateng, ke kgaole ba lokileng le ba babe ba ho wena.


Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Ya lokileng, leha a ka kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mohla ke beileng kgopiso pela hae, o tla shwa; ha o sa ka wa mo tshosa, o tla shwa ka sebe sa hae, mme ha ho ka ke ha thwe letho ka tse lokileng tseo a di entseng; empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Mora motho, porofetela badisa ba Iseraele, o porofete, o re ho badisa bao: Morena Jehova o re: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba itisang; ha ke re, badisa ba tshwanetse ho disa mohlape?


ke tla pholosa dinku tsa ka, di ke ke tsa nna tsa rusollwa; ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe.


Ke a phela, ho bolela Morena Jehova: Erekaha dinku tsa ka di rusolotswe, mme dinku tsa ka di fetohile dijo tsa dibatana tsohle tsa naha, ka ho hloka modisa, mme badisa ba ka ba sa batle dinku tsa ka; erekaha badisa ba itisa, ba sa dise dinku tsa ka,


ha ho le jwalo, badisa, mamelang lentswe la Jehova!


o re ho yona: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, thaba ya Seire, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke o etse lesupi le tshenyeho.


ka baka leo, Jehova o re: Bona, le nna ke se ke ya tla ho o lwantsha, ke hlahise dikahlolo tsa ka ha hao pontsheng ya ditjhaba.


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla tjhesa makoloi a hao, ke a fetole mosi, mme ditawana tsa hao di tla jewa ke lerumo. Ke tla tlosa kgapo ya hao lefatsheng, mme lentswe la manqosa a hao ha le sa tla utlwahala.


Bohale ba ka bo tuketse badisa, mme ke tla kgalemela diphooko, hobane Jehova wa makgotla o tla etela mohlape wa hae e leng ntlo ya Juda, a e etse pere ya hae ya bokgabane ntweng.


Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.


Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ