Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 33:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ha a bona lerumo le tlela lefatshe leo, mme a letsa phala, a eletsa setjhaba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ha a bona naha e futuhelwa ka sabole, o ye a letse lenaka, a hlabele setjhaba mokgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 33:3
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle ba hahang, e mong le e mong o ne a itlamile ka sabole lethekeng, mme o ne a ntse a haha jwalo; haele ya letsang terompeta, o ne a eme pela ka.


Ha ho le jwalo, hlong le phuthehele ho rona nqalong efe le efe eo le tla utlwa modumo wa terompeta o etswa teng; Modimo wa rona o tla re lwanela.


Howeletsa, o tlerole! Phahamisa lentswe le phepa jwaloka phala, o bolelle setjhaba sa ka makgopo a sona, o tsebise ntlo ya Jakobo dibe tsa yona.


Bolellang Juda, le tsebise Jerusalema, le re: Letsang terompeta lefatsheng, howeletsang, le tlerole, le re: Phuthehang, re kene metseng ya diqhobosheane.


Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.


Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo.


Empa ha wena o tshositse molotsana, mme a sa ka a kgeloha bokgopo ba hae le tsela ya hae e sa lokang, haele yena o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao.


O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka.


Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


Mme ekare ha terompeta e ena le modumo o sa kgethweng, ke mang ya tla phallela ntweng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ