Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 33:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mora motho, ere ho bana ba letjhaba la heno: Ho loka ha ya lokileng ha ho ka ke ha mo namolela tsatsing la boikgantsho ba hae, bolotsana ba molotsana ha bo ka ke ba mo diha tsatsing leo a bakang bolotsaneng ba hae; ho jwalo le ya lokileng, ha a ka ke a phela ka ho loka ha hae tsatsing leo a sitwang ka lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 “Ka baka leo, wena ngwana motho, ere ho setjhaba sa heno: ‘Ho loka ha ya lokileng ho ke ke ha mo pholosa ha a etsa sebe, le ya kgopo ha a furalla bokgopo ba hae a ke ke a wa. Ya lokileng ha a etsa sebe a ke ke a phela ka baka la ho loka hoo a ho entseng pele.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 33:12
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha setjhaba sa ka se bitswang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse kgopo, le nna ke tla utlwa ke le mahodimong, ke tla lebala sebe sa bona, mme ke tla fodisa lefatshe la bona.


ha se ka etsa bobe pela ka, sa hana le ho utlwa lentswe la ka, le nna ke tla kgutla molemong oo ke neng ke boletse hore ke tla o etsetsa sona.


ha setjhaba sena ke se boletseng se sokoloha bokgopong ba sona, le nna ke tla kgutla bobeng boo ke neng ke hopotse ho bo etsetsa sona.


Haele e mobe, ha a ka sokoloha dibeng tsohle tseo a neng a di etsa, a boloka dikomelo tsohle tsa ka, a etsa ka taelo le ka ho loka, o fela a tla phela, a ke ke a shwa.


Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Mora motho, bua ho bana ba letjhaba la heno, o re ho bona: Ekare ha ke tlisetsa lefatshe le itseng lerumo, mme setjhaba sa lefatshe leo se inkela monna hara sona, ho mmea sebohodi sa sona;


Athe le re: Tsela ya Morena ha e a loka! Ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ntlo ya Iseraele.


eo Modimo o mmeileng esale pele hore e be pheko ho ba dumelang mading a hae, o tle o bonahatse ho loka ha wona, kamoo Modimo o neng o lesitse dibe tsa pele kateng, mehleng ya boiphapanyo ba wona.


Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ