Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 33:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Oho mora motho, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Le bolela, le re: Kannete maikgantsho a rona le dibe tsa rona di ho rona, re timela ka baka la tsona; re ka phela ha re etsa jwang na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “Ka baka leo, wena ngwana motho, bua le ba ntlo ya Iseraele, o re: ‘Lona le re: “Ditlolo tsa rona le dibe tsa rona di a re imela, di a re ja. Re ka phela jwang?” ’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 33:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho thwe ke Jehova: Ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng e badilweng pela morena wa Juda.


Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o lokile; rona re setse re le masala a phonyohileng jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Ke rona mona, re eme pela hao re le molato; athe ha ho ya ka emang pela hao a le jwalo!


Iseraele, o itshepele Jehova, hobane mohau o teng ho Jehova; topollo e kgolo e teng ho yena.


Sione o na be a itse: Jehova o ntlohetse, Morena o ntebetse.


Bara ba hao ba shwele sethwathwa, ba botha dikoung tsohle tsa diterata jwaloka kgama e itshwasitseng moqetjheng; ba tletse kgalefo ya Jehova le dikgalemelo tsa Modimo wa hao.


Bona leoto la hao hore le se ke la tsamaya feela, le mmetso wa hao hore o se ke wa oma. O mpa o re: Le hanyenyane! ke mpa ke ratile medimo ya baditjhaba, ke tla nne ke e latele.


Lona le re: Mora motho eo ha a jare keng molato wa bokgopo ba ntatae hammoho le yena? Tjhe, mora hae o entse ka taelo le ka ho loka, o bolokile dikomelo tsohle tsa ka, o ile ka tsona; efela o tla phela.


Le tla dula, le rwetse meqhaka ya lona dihloohong, le rwetse dieta tsa lona maotong, le ke ke la lla, leha e le ho bokolla, le mpa le tla hopola makgopo a lona, le bobole maloka le banababo lona.


Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.


hobane ba tla hloka bohobe le metsi. Ba tla dula ba se na ho tshediseha, ba be ba fele bokgopong ba bona.


bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.


Haele ba tlang ho pholoha ho lona, ba tla monyella naheng ya bao e leng dira ho lona ka baka la makgopo a bona; ba tla monyela le ka baka la makgopo a bontata bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ