Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Mohla Faro a ba bonang, o tla tshediseha bakeng sa bongata bohle ba batho ba hae. Faro le makgotla wohle a hae ba tla bolawa ke lerumo: ho bolela Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 “Faro o tla bona batho bana bohle ba bolailweng ka sabole, mme o tla tshediseha, yena le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:31
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ke tla o bolella dife? Kapa nka o tshwantsha le eng, moradi wa Jerusalema? Ke tla o bapisa le eng, ke tle ke o tshedise, morwetsana, moradi wa Sione? Hobane tshenyeho ya hao e kgolo, e kaa ka lewatle; ke mang ya ka o fodisang?


bonang, leha ho le jwalo, ho tla siuwa teng ba phonyohileng, e leng bara le baradi ba tlang ho ntshetswa kantle; bonang, ba tla tswela ho tla ho lona, mme le tla bona metsamao le mesebetsi ya bona, le tshedisehe bakeng sa bobe bohle boo ke bo tlisetsang Jerusalema, e leng tsohle tseo ke mo tlisetsang tsona.


Ka modumo wa ho wa ha yona ka thothometsa ditjhaba, mohla ke e dihelang nqalong ya bafu hammoho le ba theohelang sehokong; hoo ya eba tshediso lefatsheng le katlase, ho difate tsohle tsa Edene le ho tse kgethilweng, tse ntle, tsa difate tsa Lebanone, e leng tsohle tse neng di enwa metsi.


Hobane ke hasitse letsoso la hae lefatsheng la ba utlwang; ha ho le jwalo, Faro le bongata bohle ba batho ba hae ba tla robala ho maqai, hammoho le ba bolailweng ke lerumo: ho bolela Morena Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ