Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Marena wohle a Leboya a teng le wona, le Basidone bohle; ba theohetse sehokong hammoho le ba bolailweng, ba le dihlong, leha e ne e le bao bohale ba bona bo neng bo hasa letsoso la bona; ke maqai a tla robala ho ba bolailweng ke lerumo, ba tla jara dihlong tsa bona hammoho le ba theohetseng sehokong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 “Ho teng le mahosana wohle a leboya, le Basidone bohle ba teng ba theohetseng mohohlong le ba bolailweng ka sabole. Le hoja ba ne ba tshajwa haholo, bonatla ba bona bo ba hlabisitse dihlong, ba shwele e ntse le maqai, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole, ba jere sekgobo sa bona le ba theohetseng mohohlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:30
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane bonang, ke a mema ditjhaba kaofela tsa mebuso ya leboya, ho bolela Jehova, hore di tle di bee se seng le se seng terone ya sona mabaleng a menyako ya Jerusalema, le pela marako a teng kaofela ka ho a kopela hare, le pela metse yohle ya Juda.


le marena wohle a Tire, le marena wohle a Sidone, le marena a dihlekehleke tse mose wane wa lewatle;


le marena kaofela a Leboya, a leng haufi le a leng hole, e mong le e mong, le mebuso yohle ya lefatshe e bophareng ba lefatshe; mme morena wa Sheshake (Babilona) o tla nwa kamora bona.


ke tla o lahlela hammoho le ba theohelang sehokong, ho ditjhaba tsa kgale, ke o ahise lefatsheng le tebileng, masuping a sa feleng, hammoho le ba theohetseng sehokong, hore o tle o se ke wa hlola o ahuwa: athe ke tla bea kganya lefatsheng la ba utlwang.


O tla shwa lefu la maqai ka matsoho a baditjhaba; ke nna ke boletseng tseo: ho rialo Morena Jehova.


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Sidone, o mo porofetele,


Ke tla mo neela lefu la sewa le madi diterateng tsa hae; ba bolawang ba tla wa ho yena ka lerumo le tla mo tlela le etswa nqa tsohle, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


O tla tloha hae ha eno, pheletsong ya leboya, e le wena le ditjhaba tse ngata hammoho le wena, e le ba palamileng dipere kaofela ha bona, bongata bo boholo, sera se sengata;


ba nang le Gomere le makgotla wohle a hae; le ntlo ya Togarma e tswang pheletsong ya leboya le makgotla wohle a hae, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


Ke tla o kgutlisa, ke o hulanye, ke o nyolle pheletsong ya leboya, ke o tlise ho lwantsha dithaba tsa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ